Modulasetulo, Letona le kgabane, Motlatsaletona, maloko a hlomphehang le baemedi ho tswa diprofensing. Ke monyetla ho nna ho nka karolo ho tekweng ha ditekanyetso tsena tsa batho ba rona. Diphehisanong tse fetileng, mme ho hlakile hore ho tla be ho fele ho ntse ho le tjena, maloko a bohanyetsi, haholoholo DA, e bontsha hore nkwe e shwa le mebala. Maemo ana a nnetefatsa polelo e reng 'morabe ha o nkgwe ka nko e se qoba la kwae'.
Maemo ana a soto ao re phelang kahara oona, a etsang ekare naha ya rona ke naha tse pedi tse fapaneng empa e le naha e le nngwe moo o tlang ho fumana e nngwe e ruileng e tswetse pele mme e nngwe e futsanehileng, e aparetswe ke mathata empa re le naha e le nngwe, a tlamehile ho fetoha.
Dibakeng moo ho dulang ba basweu di tswetse pele mme moo ho dulang merabe e meng, mosebetsi o tlamehileng ho etswa ke o moholo. Batho ba batsho bao re leng mahlatsipa a kgethollo re llela diphetoho le ditshebeletso tse ntle. Ha e le batho ba ileng ba latswa moro wa kgethollo le kgatello, ba nyefola mekutu e etswang ke mmuso wa ANC wa ho tlisa bophelo bo botle bakeng sa bohle. Bohloko ba seta bo utlwa ke monga sona. Batho ba bangata ba kgethileng ANC ho etella naha ena pele ba utlwisisa hore maano a ANC a tla thusa ho tlisa bophelo bo botle.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho thusa mebuso ya lehae jwalo kaha e le haufinyana le batho ba rona, hore e kgone ho nehelana ka ditshebeletso ka potlako ho batho bohle. Metseng ya rona moo ho ntseng ho e na le matlwana a dinkgo tse sa sebediseng metsi, di tlamehile ho fediswa mme ho rutwe haholoholo mmasepala wa Motse Kapa hore matlwana a ahuwa jwang. Hona ho bontsha hore ba ntse ba sa kgathalle batho ba rona mme ba ikemiseditse ho ba tlontlolla ka ho ba ahela matlwana a sa kwalehang. Ntho eo ba ke keng ba e etsa ha ba sa ahele batho ba seng batsho. Bommasepala ha ba matlafatswe hore ba kgone ho neha batho motlakase le metsi a hlwekileng hore batho ba se nwe metsi a sa hlwekang le diphoofolo.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho thusa bommasepala ho hira batho ba nang le tsebo e ntle ya tsamaiso, haholoholo ho laola ditjhelete ka tsela e nang le boikarabelo.
Tlaleho ya Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete e hlalosa hore ho na le bofokodi bo boholo ho bommasepala mabapi le tshebediso ya ditjhelete. Ditekanyetso tsena di tlamehile ho arabela le ho meputso ya makhanselara eo ba tletlebang hore e menyenyane mme e etsa hore ba bang ba iphumane ba etsa kgwebo e tlisang kgohlano ya ditabtabelo mesebetsing ya bona. Boholo ba bommasepala ha bo na bokgoni ba ho iketsetsa tjhelete ya bona mme ba itshetlehile nyehelong ya mmuso o bohareng. Ditekanyetso tsena ha di thuse meruo moo makgotla a motse a laolang teng.
Ho a ngongorehisa ho fumana hore ho bile le ho kena dipakeng ho bommasepala ba bangatanyana, Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal, Foreisetata, Leboea Bophirima le Mpumalanga. Molaotheo o neha mmuso wa porofense matla a ho kena dipakeng ebang mmasepala o hloleha ho phethahatsa boikarabelo ba oona ba ho fana ka ditshebeletso, ho se na botsitso mme mmasepala o phutlame. Ho ya ka ditlaleho tse tswang moo ho nang le ho kena dipakeng teng, a mang a mathata a bakwa ke dikgohlano tse teng kahare ho makhanselara a ANC.
Re bua nnete ho ya kamoo e leng kateng hobane ANC haesale e lwanela nnete mme re na le tshepo ya hore boetapele ba ANC bo a utlwisisa hore ntwa ke ya madulammoho mme bona le bokgoni ba hore bo tla kgalema le ho tataisa maloko ao a ANC hore ke basebeletsi ba batho mme ntwa tseo di sitisa phano ya ditshebeletso. Bao ba lakatsang hore dintwa tsena di tla arohanya ANC, ba lebale hobane ke toro feela ntho eno e ho bona.
Tlaleho tse ding di supa hore ho utswitswe ditjhelete tsa mmuso mme ho a tsebahala hore ke bo mang. ANC e kgahlanong le bobodu le manyofonyofo mme batho bao ba ikarabellang ho nyameleng ha ditjhelete, ha ba kwallwe ke sepolesa mme ba iswe makgotleng a dinyewe mme haeba ba le molato ba kwallwe ditjhankaneng. Ha ho moo ANC e kopanang le manyofonyofo teng. Ba bang ba baetapele ba ANC kahare ha makala, ke basebeletsi ba mmasepala mme ba sebedisa matla a bona ho laela makhanselara le ho hlokisa bommasepala botsitso. Re na le tshepo ya hore baetapele ba ANC ba tla fana ka tharollo le moo hobane kutlwisiso ke hore maloko a ANC hohle moo a fuweng boikarabelo, mosebetsi wa bona ke ho phethahatsa maano a ANC feela.
Tsela eo ho ajwang dithendara e lokela ho lekolwa hore e se qabanye basebeletsi ba mmasepala le karolo e bapalwang ke borakgwebo. Re ipiletsa hore borakgwebo ba se ke ba reka makhanselara le basebeletsi ba bommasepala ka tjotjo hore ba ba nehe mesebetsi. Ditekanyetso tsena di tlamehile ho thusa bommasepala ho fana ka thutpello le kwetliso e nepahetseng ho Basebetsi ba Ntshetsopele ba Setjhaba - CDW le baetapele ba setso ho hlakisa boikarabelo ba bona hore ho qojwe dikgohlano.
Aforika Borwa ke naha e le nngwe mme hoo ho tlamehile ho bonahala kahohlehohle. ANC e nkile mmuso moo ditshebeletso di neng di ajwa ho ya ka merabe. Diphenshene tsa maqheku di ne di sa lekane, thuto e sa lekane, mosebetsi o sa fuwe batho ho ya ka bokgoni empa ho ya ka mmala wa letlalo. E ne e le tlolo ya molao ho nyala ka merabe ho ya ka Mixed Marriage Act. Group Areas Act e ne dulisa batho ba batsho hole le ba basweu mme Bantustan di ne di etseditswe ho beha batho ho ya ka merabe ho fapana. Ho ne ho na le dibaka moo ho neng ho dula baVenda, maXhosa, Basotho, maZulu, Batswana, Bammala le maIndia.
Bathei ba ANC, le pele ho 1912, ba tsebile bohlokwa ba batho ho dula mmoho ka kgotso le ka kutlwano. Ditekanyetso tsena, ha di abele bommasepala tjhelete ya ho ntshetsa pele leano la mmuso le amohetsweng ka 2004 la 'Breaking new ground' leo maikemisetso a lona e neng e le ho theha metse moo batho ba tlang ho dula ho sa shejwe merabe hobane Afrika Borwa ke naha ya rona bohle, ba batsho le ba basweu.
Ho na le diporojeke tse atlehileng tse ileng tsa thehwa moo metse ena e ileng ya lekwa teng. Projeke ya Bendo ya Limpopo, N2 Gateway, Fairland, Cosmo City, Extend 36, Nellmapius mane Tshwane, Olievenhoutbosch, Thorntree View, Chief Albert Luthuli extention, Doornkop Soweto, Middelvlei, Mogale le Alexander Township.
Tsena ke dibaka moo maikemisetso a ANC a ho aha metse e kopaneng e senang kgethollo ya merabe e ileng ya atleha teng mme ken aha e le nngwe e atlehileng mme re tshepa hore ho se lekalekane hona, ANC e tla ho lwantsha e ho hlole pusong ya yona. Re tshehetsa ditekanyetso tsena. Ke a leboha Modulasetulo. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson, hon Minister, Deputy Minister, distinguished guests and representatives from the provinces, it is an honour for me to participate in this budget debate for our people. In the previous debates, and it is quite clear that this will always be the case, members of the opposition, especially the DA, have proven that a leopard never changes its spots. This situation reaffirms the notion that you can never tell about the organisation when you are not a member until such time you join it.
The sad state of affairs prevailing in our country which creates the impression that our country is two different countries and yet is a single country, where you find that one section is rich and the other is poor and beset with problems even though we are one nation, must change.
In areas where white people live there is progress whereas in areas where other races live there is still a lot to be done. As black people who were victims of apartheid we are still complaining about change and proper service delivery. As for those who benefited from the gravy train of discrimination and oppression, they criticise the efforts being made by the ANC to bring about a better life for all. Walk a mile in a man's shoe. The many people who chose the ANC to lead this country understand that the ANC's policies will help to bring about a better life.
This budget must help municipalities, as they are the ones that work closely with our people, so that they can be able to provide services more quickly to all the people. In those areas where the bucket system is still being used, it must be stopped and especially the Cape Town municipality must be taught how to build toilets. This shows that they do not care about our people and that their aim is to denigrate them by building open public toilets for them, something that they would not dare do if they were not building for black people. Municipalities must be capacitated in order to be able to provide people with electricity and clean water so that people do not drink the same filthy water as animals.
This budget must be able to help municipalities to employ individuals who have good experience in administration, especially in responsible financial management.
The Auditor-General's report indicates that there is a huge problem of incompetence and poor financial management on the part of municipalities. This budget must also address the issue of councillors' salaries which they complain are too low, which causes some of them to get involved in other businesses that eventually lead to a conflict of interest with their work. Most of the municipalities do not have the ability to be financially self- sufficient and are dependent on provincial government. This budget must help to boost municipal economies.
It is rather worrying to see that there have been administrative interventions in many municipalities such as in the Western Cape, KwaZulu- Natal, Free State, Eastern Cape and Mpumalanga. The Constitution gives the provincial government the authority to intervene if the municipality is unable to fulfil its responsibilities of service delivery, as well as when there is no stability and the municipality has collapsed. According to reports emanating from areas where there have been interventions, some of the problems are as a result of feuding among ANC councillors.
We are telling the truth like it is because the ANC has always been fighting for the truth. We hope that the ANC leadership understands that "sibling rivalry" is a reality and will therefore have the ability to call to order and give guidance to its members, and thus remind them that they are servants of the people, and therefore such conflicts hinder the provision of services. Those who wish that these conflicts will divide the ANC must forget about it because it is just a dream that will never come to pass.
Some reports allege that there has been siphoning of government funds and it is known who the culprits are. The ANC is against corruption and those individuals responsible for the disappearance of government funds must be arrested and tried in the courts and, if found guilty, they must be locked up in jail. Some of the members of the ANC in the branches are municipal employees who use their authority to control councillors and cause instability in the municipalities. We also hope that the leaders of the ANC will provide a solution to this because the understanding is that anywhere members of the ANC have been deployed, their main purpose is only to implement the policies of the ANC.
The manner in which tenders are allocated should be reviewed so that it does not cause conflict among municipal employees and with regard to the role played by business. We call on businesspeople not to bribe municipal employees in order for them to give them tenders. This budget must help municipalities in providing education and training to community development workers, CDW, as well as traditional leaders to clearly define their roles so as to avoid conflict.
South Africa is one country and that must be obvious in every way possible. The ANC came into power when services were provided according to race. Pensions for the aged were not equal, education was not equal, employment was not obtained on the basis of one's ability but by the colour of one's skin. It was illegal to marry across the colour line according to the Mixed Marriages Act. The Group Areas Act stipulated that black people must live far away from white people and Bantustans were specifically designed to accommodate people according to different ethnic groupings. There were separate areas where the Tsonga, Basotho, amaXhosa, amaZulu, Batswana, coloureds and Indian people lived.
The founders of the ANC, even before 1912, knew the importance of a harmonious and peaceful co-existence among people. This budget must allocate municipalities funds in order to implement the government's policy that was agreed to in 2004 of Breaking New Ground, whose main aim was to establish communities where people would live regardless of their ethnicity because South Africa is a land for all who live in it, blacks and whites.
There are some projects that were successful which were established where these communities were attempted. The Bendo Project in Limpopo, N2 Gateway, Fairland, Cosmo City, Extend 36, Nellmapius in Tshwane, Olievenhoutbosch, Thorntree View, Chief Albert Luthuli Extension, Doornkop Soweto, Middelvlei, Mogale and Alexandra Township are examples.
These are the areas where the ANC's ideal to establish united communities free of discrimination was successful, and as a single nation we hope that the ANC during its tenure will tackle all the inequalities and it will succeed. We support this budget. I thank you, Chairperson. [Applause.]]