Setjhaba se ratehang, mmuso wa Afrika Borwa o nkile mehato ho tlosa bofuma ka hara setjhaba. Leano lena le fumaneha tokomaneng ya mokgatlo wa ANC eo eleng mokgatlo o busang e bitswang "manifesto". Mopresidente wa naha Ntate Ramaphosa, puong ya hae ya pulo ya palamente selemong sena, o hlalositse hore mmuso o tla potlakisa kgolo ya moruo wa naha ebile mmuso o tla etsa mesebetsi le ho hlabolla thuto le ho nehelana ka bokgoni eleng "skills development, ho ntshetsa maphelo a batho pele. Ebile o phetetse ho hlalosa hore mmuso wa Afrika Borwa o lwantshana le bobodu. Ke ka hoo re bonang ho ena le dikomishene tse bitswang "State Capture" ho lekola le ho tlosa bobodu.