Modulasetulo le maloko a Ntlo a hlomphehang, Komiti e ile ya kopana le lefapha ka di 12 le ka di 24, e le ho tla utlwa tlaleho e mabapi le diphetoho tse sisintsweng ho ya ka karolwana ya 97 ya molao wa toka wa bana wa selemo sa 2008. Tlaleho ena e ne e tsamaya le diphatlalatso tse tlo etswa ke Mokomishenara wa Sepolesa ka labohlano la hosane. Molao ona o tla kena tshebetsong ka di 1 kgweding e tlang.
Komiti e sisintse hore jwalokaha e ntshetsa pele ditabatabelo tsa diporofensi, ho be le phetoho moo molawana o buang ka hore, ha ngwana a lemetse a le tlhokomelong ya sepolesa, ho tsebiswe le Mokomishenara wa porofensi. Hajwale molawana ona o supa feela hore Motsamaisi wa seteishene a tsebise Mokomishenara wa naha. Hona ho tla tlisa lenyatso tsamaisong ya taolo ya sepolesa.
Komiti e supile le ho ngongoreha ka hore melao ena e hloka nako, empa leha ho le jwalo, lefapha le tla ho se ho setse nako e nyane. Hodima moo le romela le basebeletsi ba sa kgoneng ho nka diqeto. Kahoo, komiti e etsa boipiletso hore mafapha a tle ka nako ha ho na le melao e hlokang hore e lekolwe ka bobatsi. Nakong e tlang, e ke ke ya tshehetsa melao e tliswang ka lehlaphahlapha ntle le hore e lekolwe hantle. Re kopa Ntlo hore e amohele tlaleho ena. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson and hon members of the House, the committee met with the department on the 12th and 14th in order to listen to the report regarding the changes that have been suggested in accordance with section 97 of the Child Justice Act of 2008. This report was accompanied by the pronouncements that will be made by the Commissioner of Police tomorrow, on Friday. This Act will go into effect on the first of next month.
The committee has suggested that as it is responsible for the needs of provinces, there should be some changes where the Act refers to the instance where a minor sustains injuries while in police custody, such as that the commissioner of the province should be notified. At present, the Act only stipulates that the station commander should notify the National Commissioner of Police. This can lead to disrespect within the police.
The committee indicated as well as expressed the concern that these Acts need time but, nevertheless, the department came when there was very little time left. On top of that it sent people who are not able to make decisions. Therefore, the committee would like to make the request that departments must come early when there are Acts that need to be discussed in detail. In future, it will not support Acts that are brought to it in a hurry without thorough consultation. We would like to ask the House to accept this report. I thank you. [Applause.]]
Debate concluded.
Question put: That the Report be adopted.
IN FAVOUR: Eastern Cape, Free State, Gauteng, KwaZulu-Natal, Limpopo, Mpumalanga, Northern Cape, North West, Western Cape.
Report accordingly adopted in accordance with section 65 of the Constitution.
Before I close this session, may I request that all the chairpersons of committees remain behind for five minutes with me, the Chief Whip and all presiding officers. May I also request that the following members also remain behind: They are hon Bekker from the DA, hon De Beer from Cope and hon De Villiers from the DA. That concludes the business for the day. The House is adjourned until 9 o'clock tomorrow morning.