Modula Setulo, ha ke nke monyetla ho tlalehela Ntlo ka dikamolawana tsena tse pedi, e leng Sekamolao sa Moifo o Ikemetseng wa Balaodi ba Dipatlisiso tsa Sepolesa, le Sekamolao sa Sekeretariate ya Baahi. Sekamolao sena sa pele sa Moifo o Ikemetseng wa Balaodi ba Dipatlisiso tsa Sepolesa, se sebetsana le ho fetola lebitso la Moifo o Ikemetseng wa Balaodi ba Ditletlebo, ho le isa ho Sekamolao sa Moifo o Ikemetseng wa Balaodi ba Dipatlisiso tsa Sepolesa, le ho fana ka matla a tshebetso a hlakileng hore se se ke sa sebetsana le ditletlebo feela, empa se tsepamise tshebetso diphuputsong tsa tlolo tse hodimo tsa molao. Sepolesa se tla tlanngwa ke ditshitsinyo tsa lefapha lena.
Boikarabelo ba ho lekola ho ikamahanya le molao wa tlhekefetso malapeng, bo tla fetisetswa ho Sekeretariate ya Sepolesa. Sekamolao se kgothalletsa tshebedisanommoho pakeng tsa sepolesa, sepolesa sa masepala le Sekeretariate ya Baahi ya Ditshebeletso tsa Sepolesa. Ho Sekeretariate ya Baahi, ho ya ka kgaolo ya 208 ya Molaotheo, Sekamolao sena se beha ditshebeletso tsa Sekeretariate ya Baahi ka tlasa taolo ya Letona la Sepolesa. Ho ya ka Sekamolao sena, Sekeretariate e na le boikarabelo ba tekolo ya tswelopele sepoleseng le ho sekaseka kgafetsa hore na maano le mokgwa wa tshebetso o hlwahlwa o teng na, le ho sisinya ditokiso moo dintho di sa tsamayeng hantle.
Sekeretariate e tla lekola le ho sekaseka sepolesa hore na se ikamahanya le molao wa tshebetso wa tlhekefetso malapeng, e leng mosebetsi oo e tla o nka ho Bili ya Moifo o Ikemetseng wa Balaodi ba Dipatlisiso tsa Sepolesa. Sekamolao sena, se sisinya hore ho be le sekeretariate provnseng ka nngwe, e tlang ho ikarabela ho Letona la Sepolesa provenseng ka nngwe le ho Sekeretariate ya Naha, mabapi le boikarabelo ba ho lekola le ho beha leihlo ho kenngwa ha maano sepoleseng.
Ha ho ntse ho sekasekanwa le Dikamolao tsena tse pedi, ka mora ho amohelwa le ho fetiswa ha Dikamolao tsena tse pedi ka la 23 Pudungwana 2010 ke Lekgotla la Naha la Diprovense, NCOP, di ile tsa kgutlisetswa ho Seema sa Naha, NA, ho ya sekaseka diphetoho tse neng di sisintswe. NA e ile ya hanana le tse ding tsa ditshitsinyo, mme ha qobelleha hore ho dulwe majwana ho rarolla pharela eo.
Komiti ya ho rarolla qaka ena, e theilweng ka ditho tsa komiti ho tswa ho NA le NCOP, e ile ya ngangisana ka nako eo dikgeo di tlamehileng ho kwalwa ka yona ha ho kgethwa boetapele ba Sekeretariate ya Sepolesa, le nako eo ho tlamehilweng ho fanwa ka ditokomane tse amanang le tshebediso ya ditjhelete ho ya ka molao wa tsamaiso ya tjhelete. Komiti ya tharollo e ile ya dumellana ka diphetoho tse entsweng Dikamolaong tseo tse pedi, mme re ipiletsa Ntlong ena hore e amohele Dikamolao tsena ka bobedi. Ke a leboha. (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson, let me take this opportunity to report to the House about the two Bills, which are the independent complaints directorate Bill and the Civilian Secretariat for Police Service Bill. The independent complaints directorate Bill is concerned with changing the name of the independent complaints directorate Bill to the Independent Police Investigative Directorate Bill, as well as giving a clear mandate that it should not only deal with complaints, but should also focus on high- priority crimes. The police will be bound by the findings and recommendations of this department.
The responsibility of seeing to it that the law on domestic violence is abided by will be passed on to the Secretariat of Police. The Bill encourages co-operation between the police, municipal police and the Civilian Secretariat for Police Service.
With regard to the Civilian Secretariat, in terms of section 208 of the Constitution, the Bill places the operations of the Civilian Secretariat under the control of the Minister of Police. According to the Bill, the secretariat has the responsibility of assessing progress within the police force and to often determine whether policies and methods of the highest standards are practised, as well as making suggestions for improvements in instances where things are not in order.
The secretariat will assess and determine whether the police abide by the stipulations of the legislation on domestic violence which will be found in the independent complaints directorate Bill. The Bill proposes that there should be a secretariat in every province which is to be accountable to the member of the executive council, MEC, for police of every province, and to the national secretariat regarding the assessment and monitoring of the implementation of policies within the police force.
After approval and passing of both Bills on 23 November 2010 by the National Council of Provinces, NCOP, they were sent back to the National Assembly, NA, for consideration of the proposed changes. The NA was opposed to some of the propositions, and this therefore necessitated further deliberation for the resolution of that problem.
The mediation committee tasked with resolving this problem, which comprised members of the NA and NCOP, deliberated on the period of time required within which vacancies have to be filled when appointing the leadership of the Secretariat of Police, and the time when documents regarding the use of funds have to be handed in according to fiscal policy. The mediation committee agreed with the changes in both Bills and we therefore call on the House to approve both of them. I thank you.]
Debate concluded.
Declaration of vote:
Hon Chairperson, on behalf of the Western Cape, the province has decided to vote against the law because the new secretariat will essentially be a national function with provincial offices as opposed to the current Western Cape situation, where we have a completely independent body. The Independent Police Investigative Directorate Bill again provides for an organisation that will fall under the Police Minister and will be under the person's influence. We still believe that it should fall under Parliament.
Question put: That the Independent Police Investigative Directorate Bill be agreed to.
IN FAVOUR: Eastern Cape, Free State, Gauteng, KwaZulu-Natal, Limpopo, Mpumalanga, Northern Cape, North West.
AGAINST: Western Cape.
Bill accordingly agreed to in accordance with section 65 of the Constitution.
Question put: That the Civilian Secretariat for Police Service Bill be agreed to.
IN FAVOUR: Eastern Cape, Free State, Gauteng, Limpopo, Mpumalanga, Northern Cape, North West.
AGAINST: KwaZulu-Natal, Western Cape.
Bill accordingly agreed to in accordance with section 65 of the Constitution.