Modulasetulo, ditho tse kgabane tsa Ntlo le Motlatsi wa Letona, Morena Ramatlhodi, re le mokgatlo wa ANC re thabela ho tseba hore Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa lefapha di hotse dikabelong tsa naha le tsa diporofense ho netefatsa ntlafatso ya phano ya ditshebeletso ho batshwaruwa le ho ba bang ba amehang. Sena se tsamaellana le ntlha ya hore Ditekanyetso tsa Ditjhelete jwaloka sesebediswa sa tsa ditjhelete, di tshwanela ho ntshetsa pele mokgwatsamaiso wa phetoho le phano ya ditshebeletso ka hara lefapha.
Ha re lekola ditekanyetso tsena boemong ba naha, re hlokomela hore Ditekanyetso tsa Ditjhelete Lefapheng la tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, di tswela pele ho bontsha kabelo e sekameng selemong se hodimo jwalo feela ka dilemong tse fetileng tsa ditjhelete. Dipalopalo tsa tshokollo ya batshwaruwa, ntshetsopele le mananeo a pusetso setjhabeng di bontshitse phokotseho ka selemo sa 2010-11, le bohashananyana ba tjhelete bo lebelletsweng bakeng sa se seng le se seng sa dibaka tsena tsa 2012-13.
Kabelo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete diporofenseng, e bontsha hore karolo e kgolohadi ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete e abetswe lenaneo la tshireletso le mananeo a mang ohle a nang le seabo se fokolang ntle le botsamaisi. Setshwantso sena ha se a fapana esita le diporofenseng. Porofense ya Kapa Bophirima e fumane palo e kgolohadi botsamaising ba tshireletso le tshokollo ya batshwaruwa, mme e latelwa ke Gauteng mananeong ao ka tatelano. Tsona di latelwa ke Kapa Botjhabela le KwaZulu-Natal. Profense ya Limpopo, Mpumalanga le Leboya Bophirima ha di kopane di fumane kabelo e fokolang ho ya ka dipalopalo papisong le Kapa Bophirima mananeong wohle. Ka ho tswana, Foreisetata le Kapa Leboya di fumane kabelo e fokolang ho ya ka boemedi ba dipalopalo tsa diporofense.
Tsepamiso ya maikutlo ya mokgatlo wa ANC dikarolong tsa setjhaba sa mahaeng ke ntho e hlokolotsi ho netefatsa hore Ditekanyetso tsa Ditjhelete di ajwa ka tekano diporofenseng tse fapaneng. Sena se bontsha mokgwa o sekametseng diporofenseng tsa mahaeng ha ho ajwa ditjhelete. Leha ho le jwalo, re tlameha ho ba sedi ka ntlha ya hore kabelo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete e etswang ke lefapha e etsahala ho ya ka lenane la ditsi tsa tshokollo tse porofenseng ka nngwe.
Ka sebele ena ke e nngwe ya ditlhaloso tseo lefapha le fanang ka tsona hara tse ding. Leha ho le jwalo, diphetoho le dintlafatso tsa kabelo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa porofense ka nngwe le hara diporofense tse fapaneng, di tshwanela ho kgothalletswa hore ho fediswe ho se lekane ho sa hlokeheng ha re ntse re tswela pele. Ho a kgoneha ho sebeletsa Ditekanyetso tsa Ditjhelete tse lekanang selemong se latelang sa ditjhelete, ka ho dula majwana le lefapha.
Ha re sheba ditekanyetso ho ya ka moo mananeo a mokgatlo wa ANC a latelanang ka teng, ntlhakemo ya mokgatlo wa ANC ke hore tsamaiso ya tshokollo ha e a tshwanela hore e kgine motshwaruwa, empa e tshwanela ho ba le seabo tlhabollong. Ntlheng ena, tokomane ya 1994 ya Kgolo le Kahobotjha, RDP, e phahamisa tsela ya phetolo ya mokgwa wa tshokollo e le karolo ya sesebediswa sa mmuso. Sena se kenyelletsa basebeletsi le disebediswa tse ding ka hare ho lefapha lena haholoholo mabapi le maemo a maikutlo, tshekamelo ya boitshwaro, makgethe, seabo le botshepehi naheng e ntseng e hola.
Tokomane ya Kgolo le Kahobotjha e bua ka hore basebeletsi ba ditsi tsa tshokollo ba tshwanelwa ho rupellwa ho bontsha boleng ba demokerasi, mme setheo sa mehleng sa sesole ditshebeletsong tsa ditjhankane se fetohe. Tokomane ena e tswela pele ho ngangisana ka hore batshwaruwa ba tlameha ho fuwa ditokelo tsa botho ebile ba tlameha ho sireletswa ke Molaotheo.
Ho na le lenane le holang la batshwaruwa ba sebedisang pheko ya di-ARV, e leng ho bolelang hore kabelo e ekeditsweng lenaneong la tlhokomelo, e tla atolla phihlello ya boleng ditokelong tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle jwalokaha Molaotheo o bolela. Batshwaruwa ba tshwanelwa ke ditokelo tsa botho le ho sireletswa ke Molaotheo. Baimana le basadi ba nang le bana, ba ditsing tsa tshokollo ya batshwaruwa, ba tlameha ho bolokwa maemong a nyalanang le ditlhoko tse totobetseng tsa mmele le kelello. Lefapha le leka ho kgotsofatsa ditlhoko tse hlalositsweng.
Ho feta moo, lefapha le kentse tshebetsong karohano ya bana ho batho ba baholo, e leng katleho ya bohlokwa. Molao o shebaneng le bana ba kwalletsweng o fetotswe ho latela maano a mokgatlo wa ANC. Molao wa tokelo ya ngwana o ile wa kenngwa tshebetsong ka kgwedi ya Mmesa 2010 ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo. Haeba ho na le ditlwaelo tsa ditlolo tsa molao tse tshwanang le ho dudisa bana le batho ba baholo, ditlwaelo tseo di lokela ho fetolwa mme ho nkuwe bohato ho ba ikarabellang.
Ntshetsopele ya batshwaruwa thutong le dikelellong ke e nngwe ya dintho tse tlang pele ho lefapha le mokgatlo wa ANC, ho thusa batshwaruwa ho boela e ba baahi ba latelang molao, le ho ba thusa ho ba le seabo se setle moruong. Mabapi le sena, mokgatlo wa ANC o ikitlaetsa ho etsa tlwaelo ya ditokelo tsa botho ka hare ho ditheo tsa kotlo ho netefatsa tlhabollo ya batshwaruwa.
Ditekanyetso tsena di tlameha ho netefatsa boteng ba bodulo bo botle ba batshwaruwa. Ho fediswa ha tshubuhlellano ho ka etsa maemo a matle bakeng sa mananeo a tlhabollo. Leha ho le jwalo, tshubuhlellano e ne e qale e le mokgwa wa kotlo ka bowona. Ke bothata ba mokgwa wa kotlo bo sa kenyelletseng ditekanyetso tsa lefapha feela. Tshebedisanommoho ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo, sepolesa, mesebetsi ya setjhaba le ntshetsopele ya setjhaba, e bohlokwa haholo mona.
Lefapha le ikemiseditse ho matlafatsa thekenoloji e rarahaneng e disang metsamao ya batshwaruwa le balebedi ho netefatsa polokeho ditjhankaneng. Mmuso o ikemiseditse ho matlafatsa ditheo tsa kotlo e sireletsehileng le ho bolokeha ho fokotsa menyetla ya ho phonyoha ha batshwaruwa ho ya ka Molaotheo. Mabapi le sena kabo ya ditekanyetso e sa le e bontsha diperesente tse ngata tse abelwang lenaneo la tshireletso. Lebaka la kgatello e kgolo mona ke ho thibela botlokotsebe ho batshwaruwa, ka ho matlafatsa mehato ya polokeho. Sena se tsamaelana le kgoeletso ya Moporesidente puong ya boemo ba naha hore ho netefatswe hore batho bohle Afrika Borwa ba bolokehile mme ebile ba ikutlwa jwalo.
Le ha ho le jwalo, ditshebeletso tsa tshehetso tsa Tlhahisoleseding ya Thekenoloji, IT, tse fumanweng ke botsebanyane di baka tshebediso ya tjhelete e ngata.
Tlaleho ya Mohlahlobi-Kakaretso wa Dibuka tsa Ditjhelete le yona e fane ka tlaleho e mpe mabapi le mekgwa ya tlhahisoleseding ya mosebetsi le ho hloleha ho fihlela dipehelo. Ho pepesitswe hore bongata ba tjhelete bo sebedisitswe ho IT e amanang le tshireletso, ha boelwa ha fumanwa kamora dilemo tse pedi hore ke diperesente tse 20 feela tsa mosebetsi wa rakonteraka, ke yona feela e sebetsang. Hona ho bolela hore tjhelete e ngata e sebedisitsweng bakeng sa IT ha e a bea ditholwana tse neng di lebelletswe.
Dithuto tse fapaneng di bolela hore ho ahwa ha ditsi tsa tshokollo tsa naha kapa tsa poraefete ha di rarolle bothata ba tshubuhlellano kapa ho fihlela sepheo sa tlhabollo ntle le ditjeo tse ngata ho tsona. Leha ho le jwalo, lefapha le bontshitse hore selekane sa diporaefete le setjhaba ke mokgwa wa phumantsho o baballang tjhelete haholo. Re hlokomela ka motlotlo hore tshokollo ya hara metse e se e qadile, e etelletswe pele ke Lefapha la Ditshebeletso la Tshokollo ya Batshwaruwa.
Bakeng sa ho fokotsa tshubuhlellano le ho potlakisa tlhabollo, ho lokela ho matlafatswe mekgwa ya dikahlolo tsa kantle tse kenyelletsang dikgeloso, le tshokollo ya ka hare ho setjhaba bakeng sa dinyewe tse nyane.
Batho ba dilemo tse ka tlase ho dilemo tse 18 ba ahloletsweng ditlolo tsa molao tse nyenyane ba lokela ho fetisetswa ditsing tsa toka tsa bana. Kabo ya ditjhelete bakeng sa ditsi tsa tshokollo ke peresente tse 12 feela, mme ha e ya lekana ho phetha mesebetsi ya lenaneo lena ho latela ditlhoko tsa lona. Kabo ya selemo sena le se latelang e lekanyetswa ho peresente tse 12 le halofo e leng keketseho e nyane.
Diboto tsa parola tsa rona di hloka ho matlafatswa ka boqhetseke, boitsebelo le basebeletsi hore ba kgone ho netefatsa ho phethwa ha mosebetsi wa tsona hantle diporofenseng tsohle. Re boetse re tshwanela ho ntlafatsa meputso ya baduladitulo le ditho diporofenseng kaofela. Karolo ya mosebetsi ona ke ho thusa bahlahlobi ba boahludi ba lefapha la ditsi tsa tshokollo, le ditsi tsa tshokollo tse ikemetseng. Mosebetsi wa tsona o ka thusa haholo ho hlabolla batshwaruwa.
Polokeho ya basebetsi le batshwaruwa ditsing tsa tlhabollo e bohlokwa haholo. Hajwale boteng ba maqulwana a dinokwane, ho phonyoha le dikgoka ditjhankaneng, di ntse di fokotseha mme re thoholetsa lefapha ka mosebetsi oo o motle. Re a tseba hore tlhabollo e qetella ka ho kgutlisetsa ba tlotseng molao setjhabeng ka katleho ka mokgwa o thibelang ho pheta ditlolo tseo. Diboto tsa parola le mananeo a teko di lokela ho fihlela sepheo sa tharollo.
Re fihlelletse sepheo sa rona dinthong tsena, haholoholo ka ho ananela sehlomathisetso sa ditaba tsa tshokollo e lekanyang ditokelo tsa batshwaruwa le ditlhoko tsa setjhaba ka polokeho. Ho hlokahala mokgwa o phethahetseng wa momahanyo ya motshwaruwa le setjhaba, e seng mmuso feela, mme tsena di kenyelletsa setjhaba, baahi le mekgatlo ya tsa bodumedi. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson, hon members of the House and Deputy Minister, hon Ramatlhodi, we are happy as the ANC to know that the budget for the department has increased at national and provincial levels to ensure improvement in the delivery of services to prisoners and other affected parties. This is in line with the fact that the Budget Vote as a financial tool is supposed to drive change and service delivery within the department.
When we look at the allocations at the national level, we realise that the budget for the Department of Correctional Services continues to show inequalities for the current year, just like in the previous financial years. Correctional Services statistics, development and community integration programmes have shown a decrease in 2010-11, and the expected portion of the budget for every facility for 2012-13.
Budget allocations at provincial levels show that a large portion of the budget is allocated to protection programmes and those with less important roles without proper management. This picture is not different, even at the provincial level. The Western Cape received the largest sum in the administration of protection and rehabilitation of criminals and was followed by Gauteng in those programmes. They are followed by the Eastern Cape and KwaZulu-Natal. Limpopo, Mpumalanga and the North West received a low combined budget in all programmes. The Free State and the Northern Cape received a small allocation according to the presentation of provincial statistics.
The focus of the ANC in rural areas is very important to ensure that budgets are allocated equally in different provinces. This shows inequalities in rural provinces because there is not enough money allocated. However, we need to be very careful about the money allocated by the department because it is allocated according to the number of rehabilitation centres in each province.
This is indeed one of the explanations, given by the department. However, changes and improvements with regard to the allocation of the budget for each province and among different provinces must be encouraged to stop unnecessary inequalities as we move forward. It is possible to work hand in hand with the department to ensure equal budget allocations in the next financial year.
When we look into the budget allocations according to the programmes of the ANC, the commitment is that the management of Correctional Services is not meant to bar a criminal, but to play a role in their rehabilitation. The 1994 Reconstruction and Development Programme document on this issue supports a change in approach to rehabilitation as part of a government strategy. This strategy should extend to employees and other mechanisms within the department, particularly regarding employees' emotional wellbeing, inappropriate behaviour, professionalism, the role they play and reliability in a developing country.
The Reconstruction and Development Programme document states that employees of correctional facilities must be trained to demonstrate the value of democracy. Therefore the previous military format in the correctional facilities must change. The document further argues that criminals must be given their human rights and must also be protected by the Constitution.
There is an increasing number of criminals who are using ARVs, which means an increase in the allocations for protection programmes and increased rights of access to health care, as stated in the Constitution. Criminals are entitled to human rights and protection by the Constitution. Pregnant women and those who have babies while in correctional facilities must be placed in conditions that are favourable to their obvious physical and mental needs. The department strives to satisfy the above-mentioned needs.
Furthermore, the department introduced the separation of children from adults, which is an important achievement. The law that focuses on imprisoned children has been amended according to the policies of the ANC. The Act dealing with children's rights was implemented in April 2010 by the Minister of Justice and Constitutional Development. If there is a tendency towards illegal acts such as imprisoning children together with adults, such tendencies must be changed and those responsible must be dealt with.
Developing prisoners educationally and mentally is one of the priorities of the department and the ANC, as well as helping criminals to become law- abiding citizens so that they can play a role in the economy. In relation to this, the ANC is committed to ensuring human rights in prisons in order to ensure proper rehabilitation of criminals.
These allocations must ensure that prisoners are kept in proper correctional facilities. The eradication of overcrowding can create better conditions for rehabilitation programmes. However, overcrowding was initially used as a punishment in itself. It's problematic that this form of punishment is excluded in the department's allocations. Co-operation between the Departments of Justice and Constitutional Development, the police, Public Works and Social Development is crucial.
The department is committed to improving technology used in monitoring the movement of prisoners and prison guards to ensure safety in prisons. The government is committed to improving the prison facilities in accordance with the Constitution for protection and safety in order to decrease chances for prisoners to escape. In relation to this, budget allocations have shown that large percentages have been allocated to protection programmes. The reason for this tremendous pressure is to prevent any criminal activities by prisoners, which is why steps are being taken to strengthen safety. This is in line with what the President said in his state of the nation address, namely that we need to ensure that all the people in South Africa are safe and that they also feel that way.
However, support services for information technology, IT, supplied by experts, require large capital expenditure.
The Auditor-General's report also gives a negative report regarding information on jobs and the failure to meet certain conditions. It is reported that a large amount of money was spent on IT security measures, and it was discovered after two years that the contractors only fulfilled 20% of the contract awarded to them. This means that a lot of money that was used for IT upgrading did not yield the desired results.
Various researchers found that building national or provincial rehabilitation centres did not resolve overcrowding or achieve the purpose of rehabilitation without additional costs. However, the department has shown that public-private partnerships are cost-saving mechanisms. We have proudly realised that rehabilitation within communities has already started and is headed by the Department of Correctional Services.
In order to reduce overcrowding and speed up rehabilitation, the department must tighten up on the way judgments are given, which includes obstructions and rehabilitation within the community in minor cases.
People under the age of 18 who have been convicted of minor offences must be taken to juvenile prisons. The budget allocation for correctional facilities is only 12%, and it is not enough to execute the functions of the programme according to what is needed. The Budget Vote for the current and the forthcoming year is estimated at 12,5%, which represents a small increase.
Our parole boards should be strengthened significantly, skilfully and with capable personnel so that they can effectively carry out their functions in all provinces. We must also improve salaries for the chairpersons and members in all provinces. Part of their function is to assist inspectors from the judiciary, the Department of Correctional Services, and independent correctional centres. Their function can greatly assist in rehabilitating prisoners.
The safety of prison officials and prisoners in the correctional centres is crucial. Currently the prevalence of criminal gangs, the escapes and violence in prisons are on the decrease and we congratulate the department on a job well done. We know that rehabilitation ends with successfully reincorporating back into the community those who broke the law, by ensuring that they do not repeat the same offences. Parole boards and outreach programmes must reach a solution.
We achieved our goal in this regard, especially by acknowledging rehabilitation matters that safely give prisoners their rights and equally consider the needs of the community. There is a need for a complete strategy to incorporate prisoners into society, and this is not for government only, but must also include the communities, citizens and religious organisations.]