Ke a leboha, Motlatsamodulasetulo. Sekamolao sena maikemisetso a sona ke ho tla beha boikarabelo ho batho ba ithaopang lebothong la sesole hore ba tlamehe ho fana ka ditshebeletso tsa bona; le ho tla theha khomishene ya ditshebeletso tsa sesole; le ho tla fana ka lohotho ya tlhaloso ho se bitswang "military command".
Mafatsheng ka bophara lebotho la tshireletso le hlomamisitswe ka batho ba banyane bao e kang ba fuwe kwetliso e boima. Mme ka mora mona ho na le bao ba fanang ka ditshebeletso tsa bona feela ka ho ithaopa.
Maemong a naha ya rona mona, batho ba ithaopang sesoleng ba fana feela ka ditshebeletso tsa ho ithaopa nakong eo ba hlokwang, mme ha ho na letho leo le ba qobellang hore ba itlalehe kwetlisong, le hore ba fane ka ditshebeletso tsa bona nakong eo ho tlamehang hore ba tlo thusa ka maemo a polokeho dinaheng tseo ho nang le dintwa le ho hloka botsitso.
Ba qobelehile feela ho fana ka ditshebeletso tsa bona nakong ya ntwa le maemong a qomatsi, le ha ba tlamehile ba fane ka tshebeletso tshireletsong ya naha. Hona ho etsa hore ho be thata ho ba apesa morwalo wa tshireletso hore ba fane ka mehlodi moo e tlamehileng hore e fanwe teng.
Sekamolao sena se etsa hore batho bao ba ithaopang sesoleng ba tlamehe ho fana ka ditshebeletso tsa bona ha ho hlokahala hore ba fane ka ditshebeletso tsa bohlokwa; ba tshehetse mafapha a mmuso; le moo ba tlamehileng hore ba tshehetse teng ho sebetsanwe le ho nyollwa ha maemo a moruo; le ho fana ka tshireletso meeding.
Ho a hlokahala hore maemong a tjena, ka ha ditekanyetso tsa lefapha di ntse di fokotseha, sekamolao sena se kenngwe tshebetsong. Komiti, ka morao hore e sekaseke sekamolao sena, e tshehetsa sekamolao sena. Ke a leboha. (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Thank you, Chairperson. The objects of this Bill are to make Reserve Force members accountable so that they can assist with their services; to establish a Defence Force Service Commission; and also to provide a definition for what is called "military command".
In countries around the world, the defence force comprises few people who have been trained very thoroughly. On the other hand, there are those who provide their services voluntarily.
With the situation in our country, Reserve Force members provide their services only when they are needed. There is nothing forcing them to report for training, and also to provide their services when there is a need for assistance with stability in other countries where there are wars and unrest.
They are only obliged to provide their services when there is war and during crisis situations, and also when their services are needed for protecting the country. This makes it very difficult to make them responsible for the country's defence as well as provide resources where they are needed.
This Bill will ensure that all Reserve Force members are obliged to provide their services in the best possible manner, support governmental departments, help wherever they can in developing the economy of the country, and give protection at border gates.
It is important that, under conditions where the departmental budget is being reduced, this Bill should be implemented. After a great lengthy discussion around this Bill, the committee supports it. Thank you.]
Debate concluded.