Ke ne ke kopa feela ho sisinya phetoho tlalehong ya repoto e nyenyane feela ha e qetella, e leng tlaleho ya komiti mabapi le ho fanyehwa ha nakwana mosebetsing ha Mmaseterata N E Ndamase. Komiti kamora ho lekola tlaleho ya ho fanyehwa ha nakwana mosebetsing ha Mmaseterata Ndamase, mmaseterata wa tlatsetso sebakeng sa Pretoria, ho sa emetswe sephetho sa diphuphutso bokgoning ba hae ba ho sebetsa jwalokaha ho hlokeha ho Kgaolo ya 13 ya Magistrate Act.
Komiti e lekotse tlaleho e tekilweng ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo hore Khomishene ya boMmaseterata e nkile qeto ka la 29 le 30 mme ya sisinya hore Mmaseterata Ndamase a fanyehwe nakwana mosebetsing. Ka la 9 Khomishene ya boMmaseterata e ile ya tlalehela komiti ka dikateng tsa tlaleho moo e qetileng ka ho qosa Mmaseterata Ndamase ka boitshwaro bo hlephileng ho ya ka Molawana wa 26 wa Tsamaiso ya tsa Toka.
Maikutlo a bona ke hore ho na le bopaki bo felletseng ho tshehetsa diqoso tsa bona, mme ho ya ka Kgaolo ya 13 ya Molao wa Tsamaiso ya boMmaseterata, Palamente e tlamehile hore e fetise ka potlako qeto e tshehetsang kapa e hananang le tshitshinyo eo. Kamora ho sekaseka ditaba, komiti e ile ya hlokomela bothata bo tshebedisong ya puo Makgotleng a Dinyewe e le e nngwe ya ditshita mme ho tlamehile hore ho lekolwe dintlha kaofela phareleng ho ya ka ho rarollwa le ho lokiswa ha Tsamaiso ya Toka hore e be maemong a hantle.
Komiti e hlokomela hore ha ho na tharollo e bobebe qakeng ena empa tharollo e tlamehile hore e fumanehe ka potlako. Jwalokaha e le mosebetsi wa komiti ho lekola tshebetso ya mafapha a mmuso, komiti e tla etela a mang a makgotla a dinyewe ho inwesa ka nkgo ka maemo a ditaba le ho ba le dipuisano tse tebileng le Khomishene ho utlwisisa ka ho phethahala.
Kamora ho lekola tseo tsohle le hore re ntse re tlamehile ho kopana le batho bohle ba nang le lesedi tabeng ena, ha ho qeto eo re e fihlelletseng ntle le hore re kopa ho fuwa nako ho sebetsana le taba ena ho fihlella pheletsong e kgotsofatsang. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: I would like to suggest some small changes to the last part of the report of the committee in relation to the provisional suspension of Magistrate N E Ndamase. Following the committee's review of the report on the provisional suspension of Magistrate Ndamase, the assistant magistrate in Pretoria, we are still waiting for the conclusion of the investigation into her fitness to perform her duties, as required in terms of section 13 of the Magistrates Act.
The committee reviewed the report tabled by the Minister of Justice and Constitutional Development in which the Magistrates' Commission took a decision on the 29th and 30th, and recommended that Magistrate Ndamase be provisionally suspended from her duties. On the 9th the Magistrates' Commission informed the committee about the contents of the report, in which it took the decision to charge Magistrate Ndamase with professional misconduct in accordance with the Judicial Service commission Act.
Their opinion was that there was conclusive evidence to support the charges and therefore, in accordance with section 13 of the Magistrates Act, Parliament should, as a matter of urgency, consider the decision that either supports or negates such an opinion. After reviewing the situation, the committee realised that one of the problems within our court system was the language problem and that all issues pertaining to this problem needed to be addressed in the alleviation and solution of such problems for the betterment of the justice system.
The committee realised that there was no easy solution to this problem and yet a solution had to be found as soon as possible. As it is the committee's task to assess the performance of all government departments, it would visit some of the courts in order to have a first-hand experience of the situation and also to have further discussions with the Commission for a full understanding.
After assessing all that, and considering the fact that we should also meet with all the individuals who have information on this matter, no decision has been reached except that we would like to be given more time to deal with this matter in order to come to a satisfactory conclusion. Thank you. [Applause.]]
Debate concluded.
Question put: That the Report be adopted.
IN FAVOUR: Eastern Cape, Free State, Gauteng, KwaZulu-Natal, Limpopo, Mpumalanga, Northern Cape, North West, Western Cape.
Report accordingly adopted in accordance with section 65 of the Constitution.