Spikara, rona re le ba mokgatlo wa APC re re re ikamahanye le mekgahlo yohle ka ho isa matshediso lelapeng la ha Mme Nawa ha ele mona a re siile lefatsheng le ka kwano. Matshediso ana, re a fetisa a tswa botebong ba dipelo tsa rona mme re re lelapa la hae, metswalle le mokgatlo o a neng a o rata haholo wa ANC ba tshedisehe. Ha ba hlaelwa ke se sa hlaheng, lefu ke ngwetsi ya malapa ohle. Re tshepa hore ka lefu la hae, ditho tsa mokgatlo di tla sebetsa ka matla, mme di tswelle ho tloha moo a ileng a siya teng, ba ntshetse pele boitseko boo re ntseng re le ho bona, eleng ba tokoloho.
Ba iqallotseng lehlakoreng la tsa thuto ba tiise haholo lebitsong la hae hore thuto e nne e tswele pele. Ba lehlakoreng la basebetsi jwalo ka ha ene ele moitseki wa basebetsi, le bona ba eme ka maoto ba tswelle pele ka boitseko ba basebetsi, e le ha re hlompha senatla sena se robetseng. Ke ona matshediso a rona ao, mme re re moya wa hae le moya wa badumedi bohle ba falletseng o phomole ka kgotso. Ke a leboha. (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr M T LIKOTSI: Speaker, we as the APC associate ourselves with all the other parties in sending our condolences to Mrs Nawa's family since she has departed from this earth. We are sending these condolences from the depth of our hearts and we say to her family, friends and the party that she loved so much, may they be comforted. What has happened to them is nothing new, since death touches us all. We hope that through her death members of her party will work harder and continue with the struggle that we are in, which is that of struggling for our freedom.
The educational experts should work even harder on her behalf so that education can continue to develop. Those who are on the side of the workers, since she was an activist, should also stand up and continue with the workers' struggle in honouring the icon that is no more. These are our condolences and we say may her soul and that of all the departed believers rest in peace. I thank you.]