Modulasetulo, ke batla ho bolella batho ka Matona a Kabinete a Palamente ya Afrika Borwa. Haeba ho ena le motho ya nang le qeaqeo le ho hloka tsebo ya hore na ke bomang ba ikarabellang mosebetsing ona o moholo wa 2010, ke banna bane bao Moporesidente a ba kgethileng hore ba shebane le mosebetsi ona oo naha e o tshwereng ka thata. Ha re lahlehe, re a tseba hore na ho tshwanetse ho uwe kae. Hape ho na le basadi bana ba kgethilweng ke Moporesidente hore ba kenyakenyane le tebetebe ena ya mosebetsi hore Afrika Borwa e kgone hore e ikgethe ka hara matjhaba.
Tabeng ya Boxing South Africa, re dumellane le monghadi ya buileng, hore ha re sa tla hlola re tshwara dikopano ha selemo se fela. Re tla tshwara dikopano ka kotara e nngwe le e nngwe hore re lokise mathata ana. O ile a ba a dumellana le rona. Empa ke ne ke sa tsebe hore o tla ntlhaba ka lerumo ka mokokotlong, ha e le mona a se a fetoha kajeno tjena a re yena ha a di tsebe ditaba tseno.
Taba ya bohlokwa ke hore ditekanyo tsena tseo re di hlahisang kajeno ka pela Palamente, ke ditekanyo tse etsang hore re tswele pele ka mosebetsi ona bakeng sa motheo oo re o entseng wa ho aha setjhaba, wa ho aha Afrika Borwa e kopaneng, e se nang mmala le e se nang bong.
Mosebetsi oo re o etsa le bona banna bana. Haeba ba ne ba ikemiseditse hore re ahe Afrika Borwa e kopaneng ka lebaka la dipapadi, rona ba ANC re a e thoholetsa, mme re re pele ya pele. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr B M KOMPHELA: Chairperson, I would like to tell the people about the Ministers in the Cabinet of the South African Parliament. If there is a person who is hesitant and doesn't know who is responsible for the 2010 duties, those are the men appointed by the President to be responsible for the huge task that the whole country is faced with. We are not fumbling; we know what we should do.
There are also women that have been appointed by the President to work on this huge project so that South Africa can be tops among other nations.
With regard to Boxing South Africa, we have agreed with the previous speaker that we would no longer have meetings at the end of the year. We will now have meetings quarterly to address these problems. He concurred with us. I never knew that today he would stab me in the back and say he doesn't know all of this.
A crucial matter is that this budget we are presenting today in Parliament is the budget that will enable us to move forward with the commitment of building the nation and uniting a nonracial and nonsexist South Africa.
We are working together with these people, and if they are prepared to build a united South Africa through sport, we as the ANC support that and say: Carry on with the good work.] [Applause]]
Vote agreed to.
Vote No 20 - Correctional Services - put.
Declarations of vote: