Motsamaisi wa mosebetsi, PAC e amohela tshisinyo ena ya Tlatseletso ya Letlole lena la R2,7 billion bakeng sa Road Accident Fund, bakeng sa batho ba fumanang dikotsi mona ditseleng. PAC e boela ere ke maswabi a maholo hore ebe ho ntse ho ena le diketekete tsa batho hona jwale, ba so kang ba fumana ditlhapiso ha ba ile ba fumana dikotsi tsa ditseleng.
Re re ke boikarabelo ba mmuso hore baahi ba fumane tshireletso ya bohlokwa ditseleng, ele hore ba tle ba se ke ba iphumana ba le dikotsing. Mmuso o tlamehile ho bona hore o ntlafatsa mebila e le hore ho tle ho se ke ha eba le dikotsi tse etsahalang ha bobebe. PAC e amohela tlatseletso ena ya ditjhelete tsena, e le hore tshebetso e tle e kgone ho tswella pele hantle. Ke a leboha. (Translation of Sesotho speech follows.)
[MR M T LIKOTSI: Madam Speaker, the PAC supports the Adjustments Appropriation Bill for allocating an additional R1,2 billion to the Road Accident Fund to compensate people involved in road accidents. The PAC notices with despair that there are still thousands of people who have not yet received compensation from the fund.
We feel that it is the responsibility of the government to protect its citizens on the roads and to minimise accidents. The government should upgrade roads constantly to avoid an increase in road accidents. The PAC supports the Bill. Thank you.]