Modula-setula le lekgotla, mokgatlo wa PAC o amohela dikabo tsena tsa letlole la setjhaba tsa selemo sena sa 2006. Kabo ena ya matlole e tla ka nako e thata ho batho ba habo rona ba ma-Afrika, ba futsanehileng, ba hlokang mesebetsi, ba phelang maemong a mabe a bodulo. Batho ba ha bo rona ba kenwe ke diketso tsa botlokotsebe mme basadi ba hlekefetswa ka mekgwa e mengata, dikgwebo tsa rona makeishebneng di wele mme di nkuwa ke melata.
Dikaabo tsebo tsena di fihla ka nako eo ka yona boramapolasi ba rona ba ma- Afrika ba tlaletsweng ke naha. Ba bang ba fumaneng mapolasi, empa ba hloka disebediswa. Empa re tshepa hore dikabo tsena tsa matlole di tla leka ho hlokomela ho loka ha a mang a mathata a boletsweng. Mmusmo o tlamehile ho bona hore ditjhelete tsa setjhaba di sebediswa hantle le ka toka.
PAC e re naha ena ya habo rona ena le bokgoni, empa batsamaisi ba yona ke matlaila. Mmuso o tlamehile ho fehla mesebetsi sepheo e le thibela hore naha ya habo rona e se be ya moruo o putlameng (welfare state), moo batho ba phelang e ele mekopa-kopa ya ditjhelete tse mona tsa matheka, tse kgothaletsang bana ba rona hore ba tlatse matlo a rona ka bana ba hlokang bo-ntata bona.
Mmuso o tlamehile ho thibela thekiso ya thepa ya setjhaba ka sena se bitswang privatisation. Thekiso ya thepa ya setjhaba ka mokgwa ofe kapa ofe, e fedisa mesebetsi, e atisa bofutsana, e kenya tlala le malwetse. Ditjhelete tsa setjahaba di lokela ho sebediswa ka tlhokomelo le toka.
Batsamaisi ba tlamehile ho hlokomela hore diphallelo eleng di donation, tse tswang matjhabeng ho phallela ditshebeletso tsa setjhaba, haholo batho ba futsanehileng, di sebediswa ho ya ka ditumellano le dinaha tse re phallelang kgahalanong le ditjhelete tsena tse kgutlelang ho beng ba tsona, hobane re sena bokgoni le boikarabello ho di sebedisa. Ditjhelete tsa setjhaba ha di sebediswe ho phahamisa naha ya ha bo rona. Ke a leboha. (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr M T LIKOTSI: Chairperson, the PAC supports the 2006 national budget. This budget comes at a very difficult time for Africans, many of whom are poor, unemployed and live in appalling conditions. Many people have become criminals and they abuse women in many ways. Businesses in the townships have closed.
This budget comes at a time when many African farmers do not know what to do with the farms they were allocated, because they do not have farming resources. We hope that the money will help solve some the above-mentioned problems and that the government will ensure that there is proper financial management.
The PAC asserts that this country has the resources, but the problem lies with administration. The government must create jobs to prevent the country from turning into a welfare state, where people beg for grants such as the child support grant, which encourages our daughters to fill our houses with children whose fathers are unknown to us. The government must also stop selling state property through privatisation. The selling of state property in any way results in unemployment and the accompanying poverty and diseases.
Directors of NGOs must ensure that donations from foreign countries to help communities are used according to agreements with donor countries, and that they are channelled towards poor communities. No funds should be returned to donor countries because of any organisation's incapacity to use them. Public funds must be used to uplift the people of this country. Thank you.]