Deputy Speaker, to the member of the ANC ...
... Mme Molebatsi, re leboha haholo ka dipalopalo tseo tsa botlokotsebe tseo re utlwileng ha Letona le di hlahisa moyeng maobane le kajeno lena. Re batla ho bontsha hore ha e ne e se ka tshebedisano-mmoho ya rona le setjhaba, ho ne ho se na tsela ya hore bo bong ba botlokotsebe re ka bo hlola. Empa, re a dumela hore ho na le bongata boo re tlamehileng ho bo etsa jwalokaha o bone hore ha re sekaseka taba ya polao, teko ya polao, ho tjhwatlelwa matlo le ho tjhwatlelwa dikgwebo re ntse re tshwanetse hore re sebetse ka matla hobane ho ntse ho e na le bofokodi. Le ha ho le jwalo, re lebohela tshebedisano-mmoho ya rona le setjhaba. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho paragraph follows.)
[... Mrs Molebatsi, we highly appreciate the crime statistics that we heard about when the Minister announced them on air yesterday, as well today. We would like to point out that if it were not for the co-operation between ourselves and our communities there is no way we could have prevented some of the crimes. But, we are in agreement that there is a lot that we must do, such as when prosecuting murder cases, attempted murder, break-ins as well as business robberies. We must work very hard because there are a lot of weaknesses. Nevertheless, we appreciate the co-operation between ourselves and our communities.]