Deputy Speaker, still on the Police, I am asking a follow- up question. Deputy Minister ...
Mofumahadi Makhotso Sotyu, a ke o theole moya. Ekare o kgenne. Ke ne ke batla ho botsa hore haele mona o tla kenyelletsa setjhaba ho thaotha bana ba tlang ho kena Sepoleseng. Ekaba o na le leano la hore le kamoso, o tla sebedisa setjhaba nakong eo ho etswang tekolo ho lekola hore na ebe mapolesa ana a sebetsa hantle setjhabeng? Ho etsahalang ha jwale ke hore ba kenyelletswa nakong eo bana ba hirwang empa ha ho etswa tekolo, ha ho tekolo ya hore lepolesa lena leo e leng sekweta le sebetsa jwang kapa o tla nyoloha a fumane bohato bo bong sepoleseng. Ekaba ntlha eo e ile ya shejwa?
MOTLATSA-LETONA LA SEPOLESA: Ke a leboha, ntate Ramatlakane. Ke lebohela tlhahiso e jwalo hobane ke seo re se thabelang hore ha bana bana ba se ba sebetsa diteisheneng, e be setjhaba sa moo ke sona se re bolellang hore tjhee, ngwana enwa ha a etse tsona hobane rona re ke ke ra ba hohle. Ke kahoo re kgothaletsang hore le dikarolo tsa rona tsa tshebetso, di kenyeletse batho ba setjhaba hore ha bana bana ba senya, re tsebe rona re le baetapele ba bona. Ke a leboha ntate. [Mahofi.] (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Mrs Makhotso Sotyu, please calm down. It seems like you are upset. Seeing that you will involve the community in the recruitment of new police officers, do you maybe have a strategy that will be put into place so that, even in future, the community can be involved in assessing if these police officers carry out their duties properly? Currently, what is happening is that community involvement takes place during the appointment process, but during assessment this police officer, who is a criminal, is not assessed on how he/she performs or whether he/she will be promoted. Have you ever looked into this matter?