Modulasetulo, Letona, Motlatsa Letona le Maloko a hlompehang a Ntlo, ngangisano ena e atsahala ka nako e hlokolosi ho makgotla a metse, nako ya mathata le qaka ho Lefapha la Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso. Palamente e sa tswa fetisa Bili ya Tokiso ya Mmuso wa selehae: Mekgwa-Tshebetso ya Bomasepala ya 2010, e bile re tswa dikgethong tsa makgotla a metse. Ketsahalo tsena ka bobedi, di na le seabo sa bohlokwa dingangisanong le dipuisanong tsa ntshetsopele le bolaodi ba bokgoni ho bomasepala.
Re tshwanela ho hopola hore kgoeletso ya ntwa ka nako ya letsholo la dikgetho e ne e le mabapi le kaho ya bokgoni ba bomasepala ho bula phano ya ditshebeletso. Re se ntse re kena dipakeng tsa sena ka ho netefaletsa tshebeletso e ntle makgotleng a metse ka phetiso ya Sekamolao sena. Sepheopheo ka Bili ya Tokiso ya Mmuso wa selehae: Mekgwa-Tshebetso ya Bomasepala ke ho shebana le mathata a bokgoni ba bolaodi, le tsamaiso e shebaneng le bomasepala ho matlafatsa makgotla a metse ho phethisa thomo ya Molaotheo.
Ha o ntse o itlhophisetsa dikgetho, mokgatlo wa ANC o hlokometse hore leha bomasepala ba bangata ba sebetsa hantle, bongata ba bona haholo dibakeng tsa mahaeng bo ntse bo e na le mathata. Bongata ba bomasepala bo hloka bokgoni le disebediswa ho phetha mesebetsi ya bona. Ka ho hlokomela sena, ANC e ikitlaetsa ho kgothatsa makgotla a metse a sebetsang hantle, a nang le boikarabelo, a hlwekileng, mme a sebetsa mmoho le Mmuso wa Porofense le wa Naha.
Molaetsa o ka sehlohong o tswang ho mokgatlo wa ANC, e ne e le hore:
Re hloka ho etsa dintho ka mokgwa o fapaneng, ho netefatsa phetoho e potlakileng.
Boikitlaetso bona ke ba bohlokwa tekolong ya seabo le thomo ya Lefapha la Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso, CoGTA, haholoholo ho netefatsa mokgwa o lokileng wa ho matlafatsa bokgoni ba bomasepala. Re ikutlwetse ka borona ho tswa setjhabeng hore bongata ba mathata bo bakwa ke bofokodi ba Bolaodi ba Basebetsi le bosiyo ba batho ba tsebang mosebetsi bomasepaleng. Qeto ena e netefatswa ke diphumano tse diphuputsong tsa lefapha ka bolona mabapi le boemo ba Makgotla a Metse.
Phuputso ya bona e hlwaile a mang a mathata a latelang a amanang le basebetsi: Ditheo tse sa tsamaisweng ka bokgabane; kgaello ya botsamaisi ba kamehla le ho boloka phano ya ditshebeletso e nang le boleng ebile e fihlelleha hammoho le tshebedisanommoho e ntle le setjhaba; bolaodi bo tsheremang ba ditjhelete le putlamo ya mekgwa ya botsamaisi ba ditjhelete; kgaello ya bokgoni ba basebetsi le ditjhelete ho sebetsa ho ya ka thomo ya Molaotheo, molao le ditebello tsa baahi; le kgaello ya boikarabelo bo kgabane ditheong le boipelaetso.
Tshekatsheko ya rona Ditekanyetsong tsena tsa Ditjhelete e bontsha hore lefapha le motjheng wa ho rarolla mathata ana ka mananeo a lona. Bili ya Tokiso ya Mmuso wa selehae: Mekgwa-Tshebetso ya Puso ya Selehae e tla netefatsa boteng ba botsamaisi bo babatsehang ho bomasepala, esitana le taba e hlokolotsi ya kgiro ya semphato e tletlebisang bokgekgethane.
Sekamolao se thibela baokamedi ba bomasepala le baokamedi ba itlalehang ho bona ho dula ditulong tse phahameng mekgeng ya dipolotiki. Se boela se fana ka mokgwa-tsamaiso wa kgiro, tsheko ya boqhetseke ho baokamedi ba bomasepala le baokamedi ba ikarabellang ka kotloloho ho baokamedi ba bomasepala.
Hore setshwantsho sena sa molao se theang boporofeshenale botsamaising le tshebeletsong ya setjhaba se sebetse hantle, lefapha ka Leano la ho Fetola Mawa la Mmuso wa Dibaka, le tla tsepamisa maikutlo mesebetsing ya tlhopiso ya thupelo le ntshetsopele ya Balekgotla, bahlanka le Marena.
Le ikitlaeditse hore dintho tse latelang di tla etsahala: Balekgotla ba a rupellwa mme bokgoni ba bona ba dikgokahanyo bo a matlafatswa; ntshetsopele ya mokgwa-tshebetso e tla netefatsa boteng ba tshebedisanommoho pakeng tsa ditheo tsa Marena le Mmuso wa Dibaka; Akhademi ya boetapele ba Mmuso wa Dibaka e tshwanela ho shejwa botjha. Ho netefatsa hore bao ba ka rupellehang ba a rupellwa, mme bao ba sa rupelleheng ba tloswe ka thuso ya Akhademi ya Boetapele ba Tsamaiso ya Setjhaba le Bolaodi, le Lefapha la Thuto; ho netefatsa hore lenaneo la Naha la thuto ya setjhaba le a etswa, ho tsepamiswe maikutlo ho Dikomiti tsa lehae, Balekgotla ba lehae, Basebetsi ba Ntshetsopele ya Setjhaba, Baetapele ba Setjhaba le Balwanedi ba Setjhaba, le hore Baokamedi ba karolwana ya 57, ba tshwanela ho ba mekgatlong e tshwanelehileng ya boporofeshenale.
Leha mehato ena e bonahala e reretswe bomasepala, ha re a tlameha ho lebala hore bokgoni ba bona ba ho sebetsa thomong ya bona ya ntshetsopele bo itshetlehile dikamanong tsa bona le Marena. Ho bomasepala ba mahaeng moo mathata a bokgoni a totileng, seabo se hlokolotsi sa Marena se bohlokwa.
Lefapha le entse mosebetsi o motle ka ho hlophisa Lefapha le sa tswa thewa la Ditaba tsa Setso. Lefapha lena, le tla netefatsa phumantsho ya bokgoni le thupello ya Baetapele ba Setso. Ponelopele ya Setheo sa Boetapele ba Setso se sebetsang hantle ka ho ntlafatsa ntshetsopele e itsosolosang, le phumantsho ya ditshebeletso, e kenyeletsa seabo se bohlokwa sa Baetapele ba Setso boemong ba metse.
Seabo sena se hloka kgokahanyo e ntle ya tshebedisano ya bomasepala le Baetapele ba Setso. Bomasepala le Baetapele ba Setso e tla ba karolo ya lenaneo la ntshetsopele ya bokgoni le tla netefatsa selekane sa tshebedisanommoho. Leha lefapha le sa fane ka ditshebeletso tse kang thupello ka ho otloloha, le na le seabo sa bohlokwa hobane le fetisetsa ditjhelete ho Mokgatlo wa Puso ya Selehae wa Aforika Borwa, Salga.
Selemong sa ditjhelete sa 2011-12, Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa Mokgatlo wa Puso ya Selehae wa Aforika Borwa, Salga, ke dimilijone tse R257 , mme e tla nyolohela ho dimilijone tse R295,6, bakeng sa selemo sa 2013-14, ho latela dikakanyo tsa tshebediso ya ditjhelete tsa 2011. Mokgatlo wa Puso ya Selehae wa Aforika Borwa, Salga, ke setheo se hlokolotsi bakeng sa kaho ya bokgoni le thupello ya Balekgotla. Re lokela ho ba thoholetsa ka ho kenya tshebetsong Lenaneo la Thupelo ya Balekgotla hanghang kamora dikgetho tsa makgotla a metse.
Sepheo sa lenaneo ke ho netefatsa hore Balekgotla ba sa tswa kgethwa ba fuwa kutlwisiso e akaretsang ya seabo sa bona boetapeleng, melao e tataisang mmuso wa metse, mekgwa-tsamaiso ya bohlokwa ya masepala, le mmuso wa dibaka o ntshetsang pele phano ya ditshebeletso. Ke kopa hore Ntlo e tshehetse Ditekanyetso tsena. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson, Minister, Deputy Minister and hon members of the House, this debate happens at a very crucial time for local councils, a time of problems and confusion for the Department of Co- operative Governance and Traditional Affairs. Parliament has just passed the Local Government: Municipal Systems Amendment Bill of 2010 and we are also coming from local government elections. Both these events play an important role in the debates and discussions about development and skills management in municipalities.
We should remember that the call during the election campaign was for building capacity in municipalities, in order to unlock service delivery. We are already intervening in this matter by ensuring good service in local councils through the passage of this Bill. The purpose of the Local Government: Municipal Systems Amendment Bill is to deal with problems regarding management skills, as well as municipal administration, in order to strengthen local councils so as to fulfil their constitutional mandate.
The ANC is aware that even though many municipalities are functioning properly, most of them, especially in the rural areas, are still experiencing difficulties. Most municipalities lack the capacity and resources to carry out their duties. As a result of this awareness, the ANC has committed itself to supporting local councils that perform well, that are responsible and clean, and work well with the provincial and national governments.
The leading message from the ANC was: We need to do things differently in order to effect change speedily.
This commitment is of importance in the assessment of the role and mandate of the Department of Co-operative Governance and Traditional Affairs, particularly in ensuring the right method of strengthening the capacity of municipalities. We heard for ourselves from the communities that most of the problems are caused by poor management of employees as well as a lack of individuals with municipal expertise. This decision has been confirmed by the findings of the investigation of the department itself in regard to the situation in the local councils.
The investigation identified some of the following problems: institutions that are not properly managed; a lack of daily management and maintenance of quality service delivery which is easily accessible, and good co- operation with communities; poor financial management and the collapse of financial management systems; shortage of employees and funds in order to fulfil the constitutional and legal mandate, as well as communities' expectations; and a lack of accountability within institutions and concerning grievances.
Our assessment of the Budget suggests that the department is in the process of resolving the problems with its programmes. The Local Government: Municipal Systems Amendment Bill will ensure effective municipal management, as well as address the critical issue of nepotism, which is a source of discontent among employees.
In order for this Bill, which provides for professionalism in the management and servicing of communities, to work properly, the department will focus on the task of organising training and development of councillors, public servants and traditional leaders.
It has committed itself to the following: councillors will be trained and their communication skills will be consolidated; the development of systems will ensure co-operation between institutions of traditional leaders and local government; the Local Government Leadership Academy should be reviewed; those who can be trained should receive training, and those who can't should be removed with the help of the national leadership and management academy and the Department of Basic Education; ensuring that the national education curriculum is applied; focus should be placed on municipal committees, municipal officials, community development workers, community leaders and activists, and section 57 managers should belong to appropriate professional organisations.
Even though these measures seem to have been intended for municipalities, we must not forget that their ability to work in pursuance of their development mandate is dependent on the relationship of municipalities with the chiefs. In the rural areas where problems of capacity are at their most severe, the role played by chiefs is quite important.
The department has done a wonderful job by creating a new Department of Traditional Affairs. This department will ensure the provision of skills and training to traditional leaders. The vision for the establishment of a well-functioning leadership academy to strengthen sustainable development and service delivery includes the important role played by traditional leadership in local government. This role needs good communication between municipalities and traditional leaders. Municipalities together with traditional leaders will be part of a programme of skills development which will strengthen co-operative agreement. Although the department does not provide services such as training directly, it plays an important role in that it refers funds for this to the SA Local Government Association.
In the 2011-2012 financial year, the SA Local Government Association's budget is R257 million, and it will increase to R295,6 million for the year 2013-14, based on the budget estimate of 2011. The SA Local Government Association is a critical institution for the purpose of development of skills and training of local councillors. We should support them by implementing a training programme for local councillors immediately after the local government elections.
The purpose of the programme is to ensure that recently elected local councillors are given a general understanding of their leadership role, laws that guide local governments, important administrative systems pertaining to municipalities, as well as the provincial government that provides service delivery. I would like the House to support this budget. Thank you. [Applause.]]