Modulasetulo, Letona la Sepolesa, Mohlomphehi Nathi Mthethwa le Motlatsi wa Letona Mme Maggie Sotyu, ke tlotla e kgolo ho nna ho nka karolo dingagisanong tsena kamora dikgetho tsa makgotla a motse moo baholo ba bakgethi ba bontshitseng tshepo ho mokgatlo o moholo wa ANC.
Sepolesa sa Afrika Borwa se fuwe boikarabelo ba ho thibela le ho fuputsa ditlolo tsa molao ho etsa hore ho be le kgutso le ho sireletsa baahi ba Afrika Borwa mmoho le thepa ya bona. Ditekanyetso tsa monongwaha di ekeditswe ka 3,5% mme hona ke lebaka la hore Palamente e tlamehile ho lekola ka leihlo le ntjhotjho hore na sepolesa se kgona ho fana ka tshireletso e nepahetseng kgahlano le setjhaba se eketsehang, boipelaetso kgahlanong le ditshebeletso tse fokolang, hammoho le dinokwane tse kotsi tse hlometseng.
Dingangisano tsena di tla nakong eo ho nang le ho hlaselwa ha sepolesa ke karolo e nngwe ya setjhaba hammoho le masedinyana a ditaba ka hoo ho thweng ke bokgopo ba sepolesa kgahlanong le baahi. Diketsahalo tse qollehileng di kenyelletsa ho hlaselwa ha batho ba neng ba ithabisa sebakeng sa thekiso ya jwala. Ho na le diphuphutso tse etsahetseng ka maikemisetso a ho nka mehato ya kgalemo haeba mapolesa ao a fumanwa a le molato. E nngwe hape ke ho thunngwa ha Andries Tatane mane Ficksburg le ho thunngwa ha moradi wa lelapa la ba ha Ondendaal kamora hoba a thule koloi ya sepolesa ka phoso.
Diketsong tsena balatofatswa ba fanyehilwe mosebetsing mme diphuphutso di ntse di tswela pele ka tebello ya hore makgotla a dinyewe a tla diha kahlolo kamora nyewe. Diketso tse kgahlanong le molao tse etswang ke mapolesa, re di tshwela ka mathe ebile ha re di kgothalletse. Lerata le ileng la etsetswa mapolesa ke le hlohlontshang ditsebe hona hoo ekang mapolesa ha a etse letho ntle feela le ho tlatlapa le ho bolaya batho.
Ka yona nakong eo, mapolesa a ile a hlokomediswa ka tlolo ya molao East Rand boemelong ba tekisi mane Zonkezizwe, moo Konstabole Fihliwe Mavis Bengeza a ileng a thunngwa a bolawa mme mosebetsimmoho le yena Konstabole Sihle Mbatha a ileng a ntshwa kotsi. Kamora moo, Kapotene Sydney Hlengwa le Konstabole Zamikhaya Patrick Hlangulela, ba thuntswe ba bolawa mme mosebetsimmoho le bona Siyabonga Gcaleka a ntshuwa kotsi ha ba ne ba ilo fuputsa sebaka se rekisang ntle le tumello ya molao. Maobanyana mona ka Sontaha ho thuntswe le ho bolawa Warrant Officer Gershwin Matthee le Konstabole Cannon Cloete mme dithunya tsa bona tsa mosebetsi tsa nkuwa.
Lerata kgahlanong le ho bolawa ha mapolesa ha le tshwane le leo ba le etseditsweng ketsahalong tseo ke buileng ka tsona qalong mme katleho ya bona ntweng e kgahlanong le ditlolo tsa molao ha di thoholetswe ho ya kamoo ho lokelwang.
Maobanyana mona ho tshwerwe batho ka dithethefatsi Kraaifontein. Matsatsing a Paseka sepolesa se ne se tswile kahare ho naha ho boloka kgutso mebileng; ho tshwerwe tse ding tsa ditlokotsebe tse neng di batleha haholo ka hara naha; mme re sa tswa tshwara dikgetho tse atlehileng moo tshireletso ya sepolesa e entseng hore dikgoka di be siyo. Ho a hlokahala hore moo ba entseng hantle re se iphapanye, empa re ba thoholetse.
Ho bolawa ha sepolesa ka tsela e etsahalang, ho diha moya mme ho tla nyahamisa batjha ba nang le thahasello ya ho ba mapolesa. Batho ba bolayang mapolesa ba tlamehile ho utlwiswa ka letlalo mme ba utlwe motjheso.
Re kopa hore Ditekanyetso tsena di tsepamise maikutlo kwetlisong ya sepolesa ho sebetsana le letshwele ha ho na le boipelaetso bo sa kenyeng maphelo a batho le thepa tsietsing, le kwetliso e tebileng ho sireletsa maphelo a bona kgahlanong le ditlokotsebe tse sa hlompheng maphelo a mapolesa. Ho lokiswe maemo a tshebetso, meputso le ho phahamiswa mosebetsing ho ya ka bokgoni. Ho lwantshwe le ho hlaola bao e leng ditlokotsebe sepoleseng mme ha ba fumanwe ba le molato, ba lelekwe.
Re le ANC ha re batle ho lebala bohole ba moo re tswang ho fetolweng ha setjhaba sa rona ho tloha ditlwaelong tsa merusu e neng e hlohlelletswa nakong ya dilemo tsa puso ya kgethollo. Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete di tlameha ho thusa ho netefatsa hore mapolesa a rona a rupellwa ka botlalo ho sebetsana le boitshwaro ba letshwele esitana le babelaellwa ba ditlolo tsa molao ba nang le dikgoka. Ha re batle ho etsa tsitsipano e sa hlokeheng bathong ba rona. Re a tseba hore tsena ke diketsahalo tsa methwaela e susumetswang ke boitshwaro ba lemulwana. Boholo ba bahlanka ba rona ba sepolesa, banna le basadi, ba etsa mosebetsi wa bona ka seriti ba bile ba hlompha molao.
Modulasetulo, ka Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete re tlameha ho netefatsa hore Direktoreiti e Ikemetseng ya Phuputso ya Sepolesa e a matlafatswa hore e phethe mosebetsi oo e o romilweng mme e be le boikemelo ka thoko ho sepolesa. Mofuta ona wa molao o tla kgothaletsa ditlwaelo tsa ditekolo tsa botho le mokgwatsamaiso wa boikarabelo mabapi le boitshwaro ba sepolesa.
Civilian Secretariat for Police and Directorate for Priority Crime Investigation Unit e tlameha ho matlafatswa ka Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete hore e tle e kgone ho lwantshana le ditlolo tsa molao tse ka sehloohong ho ya ka tjhadimo ya mmuso le puo ya pulo ya Palamente ya 2011, jwalokaha e tekilwe ke wa ha mphato Mopresidente Jacob Zuma.
Re etse hloko taba ya hore Batshwari ba Matlotlo a naha ba ananela bokgoni ba keketso ya Directorate for Priority Crime Investigation, DPCI, ho ya ka mosebetsi oo e o romilweng.
Modulasetulo, Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete di tlameha ho matlafatsa dikamano tsa nako e telele pakeng tsa sepolesa le setjhaba. Sepheopheo sa Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete ke ho netefatsa hore batho bohle ba Afrika Borwa ba ikutlwa ba bolokehile. Dilemong tse mmalwa tse fetileng re bone phokotseho sekgahleng sa ditlolo tsa molao Kgutlo-tharo tse akgang ho tshwarwa poho ka matlung, ho tshwarwa poho dikgwebong le botlatlapi.
Ka Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete, ho tlameha hore ho matlafatswe selekane le setjhaba le ba bang ba bohlokwa ba amehang twantshong ya thekiso eo e seng ya molao ya dithethefatsi, tshebediso e mpe ya dithethefatsi mmoho le ditlolo tsa molao. Lefapha le ikitlaeditse ho lwantsha bonyofonyofo mehatong yohle mme yuniti e ikgethang e kgahlanong le bobodu, e se e thehilwe Lefapheng la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba ho sebetsana le dinyewe tsa kgalemo ya basebetsi ba mmuso tse amanang le bonyofonyofo.
Ho ba motjheng ha diforamo tsa sepolesa tsa setjhaba ho tloha ntlheng ya hore thibelo e ntle ya ditlolo tsa molao e hloka tshebedisanommoho pakeng tsa sepolesa le setjhaba hobane ditlolo tsa molao di ke ke tsa thibelwa ke sepolesa se le seng. Ka mabaka ana ANC e ananela hore setjhaba se na le boikarabelo bo boholo katlehong ya botjhotjhisi ba ditlolo tsa molao.
Thibelo le twantsho ya ditlolo tsa molao di tshwanela ho bonwa e le letsema la kopanelo pakeng tsa sepolesa le setjhaba. Ke ditho tsa setjhaba tse bang dipaki, tse qosang, tse etsang dipolelo tse fanang ka bopaki makgotleng a dinyewe le ho thusa sepolesa ho phethela mesebetsi ya sona.
Dilemong tse 17 tse fetileng, mmuso o etelletsweng pele ke ANC o entse kgatelopele e kgolo kahong ya selekane se matla kgahlanong le ditlolo tsa molao. Sepolesa sa setjhaba se ka fokotsa mehopolo ya kgahlapetso ya sepolesa e akgang phenetho ya mapolesa a le mosebetsing.
Mohoo wa dikgetho wa ANC wa 2009 o hlwaile bothata ba ditlolo tsa molao le bonyofonyofo e le dintho tseo ho tlang ho tsepamiswa maikutlo ho tsona dilemong tse hlano tse tlang. Ho na le tjhadimo e totobetseng mefuteng e itseng ya ditlolo tsa molao, e kang ditlolo tsa molao tse nang le dikgoka le ditlolo tsa molao tse hlophisitsweng.
Ka mokgwa o tshwanang, ditlolo tsa molao tsa ho tshwara poho le tse hlophisitsweng, di ile tsa atisa ho ba le dikgoka kahare dilemong tse mmalwa tse fetileng, leha e le hore di ntse di fokotseha. Ntlheng ena sepolesa se qobellang molao le sepolesa sa setjhaba di hloka matlafatso ka Ditekanyetso tsena tsa ditjhelete jwalokaha ho sisintswe mohoong wa dikgetho wa ANC.
Ho ya ka mohoo wa dikgetho, dilemong tse ding tse hlano tse tlang, mmuso o tshwanela ho tsepamisa maikutlo ho kgothalletsa setjhaba ho ba le seabo twantshong ya ditlolo tsa molao ka ho thehwa ha dikomiti seterateng; makgotla a dinyewe setjhabeng le diforamo tsa sepolesa; mananeo a ponahalo ya sepolesa ho tlisa ba bangata sepoleseng; matlafatso ya bofuputsi sepoleseng le bokgoni ba mautlwela; ntlafatso ya thupello ya sepolesa; le matlafatso ya bokgoni ba sepolesa ho tsa forensiki.
Tlolo ya molao e tsitlalletse maemong oohle a setjhaba mabapi le sena. Bahlohlelletsi ba tlolo ya molao ho bonahala e le banna ba sa leng batjha ha boholo ba mahlatsipa ho bonahala e le basadi le bana. Tsela tse sebetsang kgahlanong le tlolo ya molao di tshwanela ho ipapisa le ntlha ya hore ketsahalo e tshwanela ho rarollwa ho tloha sesoseng sa yona mme ho na le mabaka a mangata a sesosa sa tlolo ya molao.
Ha ho sa ntse ho le bohlokwa ho ba matla twantshong ya tlolo ya molao, ka tsela ya hore ntshetsopele ya thibelo ya tlolo ya molao ka mekgwa ya tsamaiso e ntle ya toka e kenyeletsang bopolesa bo matla le bosiyo ba mamello ho dinokwane. Ka ho tshwanang, thathisetso e tshwanela ho shebana le disosa tsa tlolo ya molao le tsela ya yona ya dikgoka. Sena se thusa matsapeng le mananeong a kgahlanong le tlolo ya molao.
Re sa ntse re phela le masalla a maano a mabe a puso ya kgethollo, a akgang dikgoka, thunthetso ya ditokelo tsa botho, kgethollo ya mmala. [Nako e fedile.]
Ke a leboha Modulasetulo. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Speaker, Minister of Police hon Nathi Mthethwa and Deputy Minister hon Maggie Sotyu, it is a great honour for me to take part in this debate after the local municipal elections, where most of the voters showed trust in this great organisation, the ANC.
The SA Police Service has been given the responsibility of preventing and investigating criminal activities, making sure that there is peace, and also protecting South African citizens and their property.
This year's budget has been increased by 3,5% and this is because Parliament has to monitor and ensure that the police give proper protection to the growing nation, react properly to protests against poor service delivery, and also act against armed and dangerous criminals.
This debate comes at a time when serious criticism is being levelled at the police by a certain part of the community, together with the media, in relation to what is called police brutality against citizens. Incidents which have been quoted include an attack on people who were celebrating at a tavern. There are some investigations being done with the intention of taking further steps should those police officers be found guilty. The other one is the shooting of Andries Tatane in Ficksburg, and the shooting of the daughter of the Odendaal family after she crashed into a police vehicle by accident.
In these incidents the accused have been suspended from work pending further investigations, with the view that the courts of law will pass judgment after the trial. We condemn these criminal activities committed by police officers, and we do not encourage them. All this negative noise towards the police paints a bad picture that all police officers do not do their job, and that all they do is to harass and kill people.
At the same time the police were alerted about criminal activities happening at the Zonkezizwe taxi rank, in the East Rand, where Constable Fihliwe Mavis Bengeza was shot and killed, and her colleague, Constable Sihle Mbatha, was injured. After that, Captain Sydney Hlengwa and Constable Zamikhaya Patrick Hlangulela were shot and killed and their colleague Siyabonga Gcaleka was injured when they went to investigate a business that was operating without a licence. Just a while back, on a Sunday, Warrant Officer Gershwin Matthee and Constable Cannon Cloete were shot and killed and their service firearms were stolen.
The noise made against the killing of police officers is not the same as the noise made about all the incidents I mentioned earlier, and the success of the police in the war against crime is not appreciated the way it's supposed to be.
Recently in Kraaifontein people were arrested for possessing drugs. During the Easter holidays the police went out all over the country to keep the peace on the streets, and some of the country's most wanted criminals were arrested. We have just held successful elections where the police ensured that there was no violence. It is important that when they perform well, we do not ignore them, but acknowledge them.
The manner in which the police are being killed is depressing and it will discourage the youth who could be interested in becoming police officers. People who murder police must be punished and they must also feel the heat.
We plead that this Budget Vote should focus on training the police on how to work with crowds during protests so that people's lives and property are not put in danger. They should also receive thorough training on how to protect their lives against criminals who do not respect the lives of the police. Working conditions and salaries must be improved, and there should be promotion based on merit. Those who are corrupt in the Police Service must be identified and, if found guilty, expelled.
We, as the ANC, do not want to forget how far we've come in changing our society from the habits of violent protests, which were caused by conditions during the period of apartheid rule. This Budget Vote must ensure that our police are trained properly on how to respond with regard to the behaviour of the crowd as well as violent suspects.
We do not want to cause unnecessary panic among our people. We know that these are activities which are done by few people who get carried away during protests. Most of our police officers, men and women, perform their duties with dignity and they respect the law.
Chairperson, with this Budget Vote we must make sure that the Independent Police Investigative Directorate is empowered to do the job which it has been assigned to do and to work independently from the police. This type of legislation will foster respect for human rights and accountability with regard to the behaviour of police officers.
The Civilian Secretariat for Police and Directorate for Priority Crime Investigation Units must be strengthened by this Budget Vote so that they can be able to fight criminal offences that are a priority, according to the government and 2011 state of the nation address by our President Jacob Zuma.
We are aware that the National Treasury has considered the possibility of expanding the Directorate for Priority Crime Investigation, DPCI, according to the work it has been assigned to perform.
Chairperson, this Budget Vote must strengthen the long-term relationship between the police and the community. The main purpose of this Budget Vote is to make sure that all South Africans feel protected. In the past few years we have seen a decrease in criminal offences in the Vaal Triangle, which include house-breaking, robberies in business centres and muggings.
Through this Budget Vote a strong partnership should be formed between government and the people, together with those who are involved in the fight against drug dealing, drug abuse and other criminal offences. The department is determined to fight corruption at all levels, and therefore a special unit which will combat corruption has been established in the Department of Public Service and Administration to conduct disciplinary hearings for government employees who are involved in corruption.
In order for community police forums and public forums to work properly, there should be proper crime prevention strategies and co-operation between the police and the community because crime cannot be prevented by the police alone. Because of these reasons, the ANC acknowledges the fact that communities have a huge responsibility in the success of prosecuting criminal offences.
Prevention and the fight against crime must be seen as a partnership between the police and the community. It is the community members who become witnesses, who complain, who make statements in court and also who help the police in the process of their investigations.
Over the past 17 years the ANC-led government has made huge progress in building a strong alliance against crime. Community police forums can change the attitudes of violence against the police, which include police being murdered in the line of duty.
The ANC election campaign of 2009 recognised the problem of crime and corruption as the main thing which would be focused on in the five years ahead. Other types of crime will also be seriously dealt with, for example violence and pre-meditated crimes.
In the same manner, criminal offences such as robbery and premeditated crimes usually involved violence in the past few years, even though they are now decreasing. In this matter the law enforcement agencies and community police forums need to be financially strengthed through this Budget Vote, as suggested during the ANC election campaign.
According to the election campaign, in the next five years the government must keep its focus on encouraging the community to take part in the fight against crime by forming street committees, courts of law in the community as well as community police forums. Police visibility programmes, promoting police training, and strengthening forensic skills are also important.
Crime is persistent in all aspects of the community with regard to this matter. Seemingly, crime perpetrators are mostly men; and women and children are victims. Strategies that work in the fight against crime are supposed to be based on the fact that a problem should be solved from the root because there are many reasons for a crime.
It is still important to be strong in the fight against crime, in such a way that the development of crime prevention strategies should include good management of the justice system and zero tolerance for criminals. Similarly, focus must be on reasons for criminal offences and violence. This will assist in attempts and programmes that fight crime.
We are still suffering the consequences of the bad policies of the apartheid government, which include violence, violation of human rights and discrimination. [Time expired.]
Thank you, Chairperson. [Applause.]]