Ha ke lebohe Motsamaisi wa mosebetsi. Ke lebisa tlhompho e kgolo ho Mopresidente wa rona Jacob Zuma, Modulasetulo le Motlatsi wa Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovense, Letona Ace Magashule le Matona a mang, Maloko a Lekgotla la Naha la Diprovense le Maloko a Matlo a ketsamelao, marena a rona, boetapele ba Lekgotla la Mmuso wa Selehae la Afrika Borwa, setjhaba sa Freisetata, le bohlokwa haholo.
Ha ke nke monyetla ona Motsamaisi, ho leboha setjhaba ka ho tshepa mokgatlo wa ANC ka puso ya naha ya bona. Mokgatlo wa ANC o ile wa re puso e tla ba ya setjhaba ka setjhaba. Re lebohe mokgatlo wa ANC ka ho tshepahala kanong eo. Ke ena Palamente e tlile bathong, e a mamela. Ha e ipate, ha e balehe mme ha e bolaise batho gase e llisang mahlo le dithunya. [Mahofi.] Mehleng ya mmuso wa bohanyapetsi re ne re tla e bona kae ntho e monate hakana?
Ba mebala yohle ka ditumelo ho fapana, ba batona le ba batshehadi, re kgona ho phela le ho nyakalla mmoho. Ba ileng ba tswa ka hara naha ba ntse ba kgutla. Ba bone hore ha ho na makgulo a matala ho feta makgulo a Afrika Borwa tlasa boetapele ba mokgatlo wa ANC. Tshepo ena ya setjhaba ho puso ya mokgatlo wa ANC e bonahetse hape le ka dikgetho tsa tlatsetso tseo re tswang ho tsona. Wa ripitla, wa papetla mokgatlo wa ANC. Wa bontsha hore ke ona lefika la mengwaha setjhabeng sa rona mme o tla nne o boele o etse jwalo le ka dikgetho tsa mebuso ya lehae tseo re yang ho tsona. Ke mokgatlo wa ANC feela oo e leng tshepo ya batho. [Mahofi.]
Naha ya rona ya hlohonolofatswa ka ho ba le boetapele bo tsotellang, bo mamelang, bo ikokobeditseng mme bo le bathong tlasa boetapele ba Mopresidente Jacob Zuma. Moetapele wa sebele ya sa kgeseng mmala kapa maemo a motho. Borapolasi le mmapolasi ba Freisetata, ba batsho le ba basweu ke dipaki tsa taba eo ke e buang. Mopresidente o ba etetse le pele e ka ba Mopresidente. A ba etela le ka morao hoba e be Mopresidente leetong la hae la morao-rao mane Boertjiefees, Bultfontein.
Boetapeleng ba mokgatlo wa ANC re fetola maphelo mapolasing. Maloko a Palamente a iponetse. Le tswa Diyatalawa matlong a polasi a disekwere tsa dimetara tse 74. Dikamore tsa ho robala di tharo ho isa boneng mme di na le kamore ya ho hlapela le ntlwana. Ho na le sekolo, sebaka sa tlhokomelo ya bana le holo. Ba reketswe dikgomo mme ba ahelwa sebaka sa ho di hama. Ba batletswe dikgoho le ho ahelwa dirobe tsa tsona. Re ntse re lokisa ditsela moo. Mafapha kaofela a na le seabo ho tsetela Motseng wa Temo wa Diyatalawa. Kgolokweng ha e a salla morao. Re ahela morena le setjhaba matlo. Re ahile le tleleniki moo. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Ms M QABATHE (Free State): I would like to thank the Chairperson. I want to express my greatest respect to our President Jacob Zuma, Chairperson and Deputy Chairperson of the National Council of Provinces, Premier Ace Magashule and other MECs, Members of the NCOP and members of the legislatures, our chiefs, leadership of the SA Local Government Association, and the people of the Free State; you are very important.
Let me take this opportunity, Chairperson, and thank the people for having trust in the ANC to govern their country. The ANC said that this government would be by the people for the people. We also thank the ANC for being trustworthy in that promise. Parliament has finally come to the people. It listens. It does not hide and it does not run away and fire teargas and rubber bullets at the people. [Applause.] Where could we see this during the apartheid government?
People from different races and different positions, males and females, live and rejoice together. Those who left the country are now coming back. They have realised that there are no greener pastures than here in South Africa under the leadership of the ANC. People's trust in the ANC has been evident even in the recent by-elections. The ANC destroyed and defeated others. It showed that it is the backbone of our nation and will do the same in the upcoming municipal elections. The ANC is the only hope for the people. [Applause.]
Our country is blessed with a caring leadership that listens, obeys and is always with the people under the leadership of President Jacob Zuma. He is a true leader who does not discriminate against race or one's position. Free State farmers, both black and white, are witnesses of what I am talking about. The President visited them before even becoming the President. He also visited them after he became President, during his recent trip to the Boertjiefees [Boertjie festival] in Bultfontein.
The leadership of the ANC is changing the lives of those living in the farms. Members of Parliament have witnessed this. You visited farm houses of 74 m2 in Diyatalawa. They have three to four bedrooms and a bathroom with a toilet. There is a school, a crche and a hall. Cows were bought for farmers and they were provided with structures where they could milk them. Chickens were bought for them and chicken hatcheries were built. We are still constructing roads there. All departments have a role to play to invest in Diyatalawa Agri-Village. Kgolokweng has not been left behind. We are building houses for the chief and the community. We have also built a clinic.]
All government spheres are working together to give a comprehensive service.
Sena ke qalo feela hoba re sa fetela mapolasing a Wilhelmina, Cherry le a mang. Re sebetsa mmoho le matjhaba rona pusong ya mokgatlo wa ANC. Ke kahoo re fumaneng thuso ya dimilione tse 45 ho tswa mmusong wa China. Re ntse re aha sebaka sa qhotsiso ya mahe a ditlhapi mane letamong la Xhariep, seterekeng sa Xhariep. Kaho e a phethelwa kgweding ya Tshitwe. [Mahofi.]
Hosane Letona Nkwinti o tla be a le motseng wa Bloemfontein moo a tla beng a thusa borapolasi-potlana ho ba le karolo ya diabo ntlong e nngwe ya tse kgolo tsa ho buhela diphoofolo Bloemfontein. Letona Tina Joemat-Pettersson o tla tlisa dipakana tse 85 tsa diterekere Freisetata. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[This is just the beginning because we are also going to do the same at farms like Wilhelmina, Cherry and others. We work together with communities in the ANC government. That is why we received a donation of R45 million from the government of China. We are busy building a fish hatchery on the Xhariep dam, Xhariep district. The construction will be completed in December. [Applause.]
Minister Nkwinti will be in Bloemfontein tomorrow to assist developing farmers to acquire shares in one of the biggest abattoirs in Bloemfontein. Minister Tina Joemat-Pettersson will bring along 85 tractors to the Free State.]
Indeed all spheres of government are working together to speed up service delivery.
Tlasa boetapele ba mmuso wa mokgatlo wa ANC, re ile ra tshwara dikopano tsa basebeletsi ba mapolasi diprovenseng kaofela. Di ile tsa felella ka Kopano ya Naha ya Baseletsi ba Mapolasi. Ka morao ho Kopano eo, mona Freisetata re ile ra hira babatlisisi ba babedi le motho ya nang le digerata tsa molao ho sala morao le ho rarolla dinyewe tsohle tsa ho lelekwa mosebetsing ka tsela e seng molaong, ho lelekwa polasing le ho thunthetswa ha ditokelo tsa botho tse ileng tsa hlahiswa kopanong eo re neng re le ho yona. Tse ngata re se re di hlotse le ho di lokisa. Maqhama re a a aha mahareng a borapolasi le basebetsi ba bona.
Mmuso wa mokgatlo wa ANC o aha naha. Re le mmoho ba batsho, ba basweu le ba mmala, re ketekile Mohope wa Lefatshe mapolasing, ra isa dithelebishene tse tsamaiswang mapolasing, ra tshehetsa Bafana Bafana re le kaofela, re le ntho e le nngwe, re kopane.
Re ntse re kopane kaofela, ba batsho le ba basweu, re hlwekisa metse. Re hlwekisa dinoka tsa rona. Re sebetsa mmoho le bomasepala. Ha re otlwa ke koduwa ya sewa sa kgohlo ya Rift, re ile ra nna ra sebetsa mmoho. Ha re welwa ke koduwa ya mello ya hlaha e ileng ya tjhesa mona Freisetata, re ile ra nna ra sebetsa mmoho ho tima hlaha. Mmoho, ba batsho le ba basweu, re a sebetsa. Ha ho na mang kapa mang ya tla kena dipakeng tsa rona ho re qabanya. Presidente re o utlwile. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[We have held meetings with farm workers in all provinces under the leadership of the ANC government. This ended with the National Farm workers' Summit. In the Free State, we hired two investigators and somebody with a law degree after the summit to follow up and resolve all unfair dismissal cases, farm evictions and human rights abuses that were raised in the summit we attended. We have dealt with and resolved a lot of issues. We built relationships between farmers and their workers.
The ANC government is building the nation. Together as blacks, whites and coloureds we celebrated the World Cup on the farms. We brought big screens, and we supported Bafana Bafana together as one and united.
We are all still together, blacks and whites, to purify water. We purify our rivers. We work together with the municipalities. We also worked together when we were hit by Rift Valley Fever. When we were experiencing wild veld fires around the Free State, we continued to work together to battle the blaze. We work together, blacks and whites. No one will come between us and cause friction. We have heard you, President.]
All agricultural projects that have faltered will be given immediate attention. On local government and human settlement, we say to the nation we are on course with regard to Operation Clean Audit 2014. The Auditor- General's report ...
... e bontsha hore ho na le ntlafalo mafapheng ka kakaretso. Bomasepala le bona ba tlo ba motjheng. Re lebelletse diphetoho tse ntle. Re kgonne hore ho bomasepala ba 25 bao re nang le bona, re kwale dikgeo tse 23 tsa Baofisiri ba ka Sehloohong ba Ditjhelete. Botshwari ba Matlotlo le Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso di sebetsa mmoho le bomasepala. Mashano ana a mokgatlo wa DA a ho reka divoutu ha se nnete. Ho a sebetswa ho bomasepala. [Mahofi.]
Tlasa boetapele ba Letona Ace Magashule, boetapele bo nang le tjhebelopele, ditho tsa Lekgotla la Phethahatso provenseng di ronngwe ho sebetsa le bomasepala ho tlisa botsitso le momahano ya maqhama a tshebetso ... (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[... shows that there is an improvement in the departments in general. Municipalities will follow suit. We are expecting favourable changes. We were able to fill 23 of the 25 chief financial officer vacancies in our municipalities. Treasury, and Co-operative Governance, Traditional Affairs, and Human Settlements work together with the municipalities. Rumours by the DA about other people buying votes are not true. People work hard in the municipalities. [Applause.]
Under the leadership of Premier Ace Magashule, the leadership with vision, members of the executive council in the province have been mandated to work with the municipalities to bring stability and ideas for working relationships ...]
...to enable us to deal proactively with the challenges rather than reacting to them.
Ha e yo ntho e ntseng e buuwa ya batho ba lapetseng divoutu mme ba bua dintho tse ngata tseo re sa di tsebeng. [There is no such thing as people being hungry for votes. They talk about so many things that we do not know about.]
All spheres of government are definitely working together, Mr President!
O botsa potso kgafetsa, Presidente ... [You often ask a question, Mr President ...]