Modulasetulo, Letona le kgabane le Motlatsi wa Letona. Ke tlotla ho nna ho nka karolo ditherisanong tsa kajeno.
Ke batla ho qala ka hore, kgaolo ya 205 ya Molaotheo wa selemo sa 1996, e fa sepolesa boikarabelo ba ho thibela le ho fuputsa tlolo ya molao, hore ho be le botsitso setjhabeng; ho sireletsa le ho boloka Maafrika Borwa mmoho le thepa ya bona; ho boloka le ho kenya tshebetsong melao ya naha ena.
Boikarabelo ba ditekanyetso tsena ke ho hlokomela hore mohopolo le maano a lefapha a tshehetswa ka ditjhelete ho phethahatsa boikarabelo. Ho na le dibaka ka hara naha ya rona tse hlokang polokeho, hobane ha ho na dikantoro tsa sepolesa; haholoholo dibakeng tsa rona tse mahaeng.
Re thoholetsa lefapha ka mekutu eo le e entseng, ho aha le ho lokisa tse neng di le maemomg a sa lokang, moo ho neng ho le bobebe hore batshwaruwa ba balehe, le tseo di sa ntseng di tlo ho ahwa di bolokehe mme di kgone ho amohela le batho basa itekanelang.
Batjha ba naha ena ba bangata ba iphumana ba sa sebetse ha ba qeta ho bala sekolong. E se e ka sepolesa se ka etsa ka hohlehohle ho nka batjha ba iswe thupellong le kwetlisong ya maemo a hodimo hore ba kgone ho tlo thusa ho lwantshana le botlokotsebe, hobane ha ba sa etse letho ba qetella ba etsa diketso tsa tlolo ya molao.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho arabela bofokoding bo teng sepoleseng, bo amanang le ho ajwa ha mehlodi twantshong ya bosenyi. Sepolesa se tlamehile ho aba batho ba nang le bokgoni ba tsamaiso le ho fuputsa dibakeng tseo ba hlokehang ho tsona. Dikoloi le tsona di tlamehile ho ya dibakeng tseo tlolo ya molao e atileng ho tsona, mme le mahaeng di tlamehile ho iswa.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho sebetsana le ho phahamiswa mesebetsing ha mapolesa ho ya ka bokgoni ba bona ba ho sebetsa le hore ba fumane meputso e hantle, e tla etsang hore ba se ke ba amohela tjotjo ho tswa mashodung, ba leka ho phetha mabaka ka lebaka la meputso e tlase.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho arabela diphetohong tse tlamehileng ho ba teng sepoleseng, maemong a hodimo a tsamaiso ya sepolesa. Batho ba batsho, Maindia le ba mmala ba tlamehile ho bewa maemong a hodimo a taolo ho ya ka thuto le bokgoni ba bona, e le ho fetola maemo a siilweng ke kgethollo. Batho ba bomme ka ho kgetholleha le batho ba nang le diphephetso mmeleng, le bona ba tlamehile ho fuwa menyetla ya bona.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho thusa mapolesa a nang le nnete, a sebetsang ka botshepehi, ho ntsha ka hara bona bana ba se nang botshepehi, ba nang le dikamano le mashodu. Ho ba le dikamano le mashodu e le mapolesa ho ba etsa mashodu le bona, mme ba tlameha ho ntshuwa sepoleseng, hobane ha se mapolesa ke mashodu. Ba thusang batshwaruwa ho baleha ditlamong; ba utswang ditokomane le dithunya tsa mosebetsi; ba fang mashodu lesedi hore na dithibella tsa mebileng di etsuwa kae, ba tlamehile ho ntshuwa sepoleseng, ha ba na sebaka.
Ditekanyetso tsena di tlamehile ho fana ka kwetliso le thupello e hodimo ho sepolesa hore ba kgone ho etsa mosebetsi o phethahetseng, ba iswe mafatsheng a mang, ha ho kgoneha, hore maemo a bona a tshebetso a phahame.
Kgethollo eo ho tletlejwang ka yona sepoleseng e tlamehile ho fela, hobane re batla ho aha setjhaba se sa kgetheng batho ho ya ka merabe. Diforamo tsa setjhaba tsa bopolesa di tlamehile ho matlafatswa di thuswe ho kgobokanya setjhaba sa rona kgahlano le bosenyi, mme di kgothalletswe ho sebetsa mmoho le sepolesa hobane batho bana ba tlolang molao ba dula ka hara rona.
Setjhaba sa rona le sona se hlokomediswe hore ho bolawa ha mapolesa ho fekisa ntwa kgahlano le bosenyi. Molao o tshwanela ho sebetsana hampe le batho ba bolayang mapolesa, ka tsela e tla ba bea maemong a lokileng. Mapolesa le ona a etse ka hohlehohle hore a bolokehe, ka ho apara diaparo tsa bona tse ba sireletsang nakong ya mosebetsi.
Naha ya rona e fuwe monyetla wa ho hlophisa dipapadi tsa mohope wa lefatshe. Mme batho ba tswang mafatsheng a ka ntle ho tla nka karolo, ba tla tla tshehetsa dinaha tsa bona. Boikarabelo bo ho sepolesa sa rona ho sireletsa boemafonane; dihotele; mabala a dipapadi; le dibaka moo batho ba tlang ho boha dipapadi teng.
Mashodu le ona a tlo nka monyetla wa ho rekisa dithethefatsi, ba hwebe ka batho, haholoholo bana, ba tlo etswa diotswa. Ditshoso tse etswang tsa ho phatlola diqhomane ka maikemisetso a ho senya dipapadi ke boikarabelo bo shebaneng le sepolesa sa rona, mme re tshepa hore ba ikemiseditse.
Mmuso wa ANC ke mmuso o hlomphang ditokelo le ho itseka ha basebetsi. Ntwa ya basebetsi, ya nyollelo ya moputso ka nako ena, e tlo sitisa sepolesa sa rona ho tsepamisa maikutlo ho sireletseng bahahlaudi, nakong ya dipapadi. Re ipiletsa ho baetapele, basebetsi le beng ba dikhampani ho buisana le ho dumellana hore nakong ya dipapadi ho se be le boipelaetso ba basebetsi bo tla hloka sepolesa ho shebana le batho ba tsekang nyollelo ya meputso.
Re tshepa hore ho tla ba le tshebedisanommoho pakeng tsa sepolesa sa rona le sepolesa se tswang ka ntle, hore ho be le tshireletso e hantle. ANC e tshehetsa ditekanyetso. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson, hon Minister and Deputy Minister, it is an honour for me to take part in today's discussions.
I would like to start by saying that section 205 of the 1996 Constitution charges the police with the responsibility to prevent and investigate illegal activities so that there is stability in the country; to protect and keep South Africans together with their property safe; and to protect and keep the laws of this country, in effect.
The purpose of this budget is to ensure that the programmes and policies of the department receive financial support so that the department can fulfil its responsibilities. There are areas in this country which do not have adequate safety and protection because there are no police stations, especially in our rural areas.
We would like to congratulate the department on its efforts to build and fix those prisons that were in a state of disrepair, where it was easy for prisoners to escape from jail. The ones that are still to be built must be safe and should be user-friendly even for the physically disabled.
Many of the youth of this country find themselves unemployed after graduating from high school. It would be a good thing if the department could do everything in its power to recruit the youth and send them for training of the highest order so that they can come back and assist in the fight against crime, because if they don't do anything they end up committing crime themselves.
This budget is supposed to address the shortcomings in the police department in regard to the distribution of resources in the fight against crime. The department must deploy individuals who have the ability to manage and conduct investigations in areas that have such needs. Police vehicles should also be allocated to areas where there is a high incidence of crime, even in the rural areas.
This budget must address issues of promotion in the Police Service according to the police officers' abilities so that they are remunerated accordingly, which will help in preventing them from accepting bribes from criminals as a way of supplementing their low salaries.
This budget must deal with the changes that must be introduced in the upper echelons of the Police Service. Blacks, Indians and coloureds must be appointed to high management positions in accordance with their qualifications and abilities as a way of redressing the imbalances of apartheid. Women in particular, as well as the physically challenged, must also be afforded opportunities.
This budget must help honest policemen, who are dedicated, by removing those who are dishonest and who have links with criminals. To have links with criminals whilst being a policeman makes them criminals too, therefore they have to be rooted out of the Police Service because they are not policemen, they are criminals. Those who help prisoners to escape from jail, those who steal documents and weapons from work, and those who give criminals information about where roadblocks are going to be set up must be removed from the Police Service. There is no place for them.
This budget must be able to provide education and training of the highest order for the police in order for them to be able to perform their duties effectively. They should be sent to other countries, if possible, so that their standard of work can improve.
Complaints about discrimination in the Police Service must come to an end because we want to build a society where there is no discrimination based on race. National police forums must be strengthened and assisted in order to unite our nation against crime, and they must be encouraged to work together with the police because the people who break the law live amongst us. Our people must also be aware that the killing of police officers makes it difficult to fight crime. The law must be particularly harsh on those who kill members of the police, so that the lives of the police can be protected. Police themselves must also try by all means to be safe by wearing protective body armour whilst on duty.
Our country has been given the opportunity to organise the soccer World Cup tournament and people from participating countries will be coming to support their teams. It is therefore the responsibility of the police to provide adequate security at the airports, hotels, sports stadia and venues where people will be watching the matches.
Criminals are going to take advantage of the opportunity to sell drugs, and practise human trafficking, especially with children who are going to be turned into prostitutes. It is also the responsibility of the police to deal with the bomb threats that are made with the intention of ruining the tournament. We hope that they are prepared.
The ANC-led government is a government that respects workers' rights and their right to protest. The workers' protests for salary increases at this time are going to disrupt our police's focus on protecting tourists during the tournament. We appeal to the leaders, workers and business owners to negotiate with the workers and reach an agreement that there should be no strike action during the tournament that will require the intervention of the police as a result of wage increase protests.
We hope that there will be co-operation between our police and those from outside so that there is adequate security. The ANC supports the budget. Thank you. [Applause.]]