Modulasetulo ya kgabane, Letona la tsa Bohahlaudi, Motlatsa Letona wa Lefapha la tsa Bohahlaudi, Ditho tse hlomphehang tsa Ntlo ya Ketsamolao, lengolong la Ntlo ya Tokoloho, Freedom Charter, mokgatlo wa ANC o ile wa nka kano le baahi ba Afrika Borwa, ba re moruo wa naha ena re tla o arolelana le batho bohle ba o sebeleditseng. Ke kahoo ke reng ANC e tshehetsa Ditekanyetso tsena tsa lefapha.
E re ke nke puo ena ya ka, ke thoholetse bahale ba ileng ba wa ntweng ya tokoloho motseng wa Rammulutsi ka la 19 Mmesa 1990. Kajeno lena ba qeta dilemo tse mashome a mabedi ba le mobung o batang. Bahale bao ke ba latelang: Ndoda Radebe, Senki Nzeku, Jerry Joale, Mmoledi Tshotshotso le Pitso Moholo.
Puo ya ka ke tla e tshetleha ho diphihlello tsa lefapha le mesebetsi ya selehae. Lenaneo lena la lefapha le ekeleditswe ditjhelete ho tloha ho R325 ya dimiliyone selemong se fetileng sa ditjhelete, ho fihla ho R361 ya dimiliyone selemong sena sa ditjhelete. Ke kahoo lefapha le fihlelletseng tse latelang: Lefapha le fihlelletse ho phahamisa moruo wa naha ena ka diperesente tse hlano. La boela la fihlella ho etsa mesebetsi e metjha e ka bang 500 000, ho nka karolo ho aha ditsela ka hara naha ya Afrika Borwa, ho aha botjha mabala a dipapadi, ho aha matlo a baeti.
Lefapha le fihlelletse ho lokisa botjha boemafofane ka hara naha ya Afrika Borwa, ho aha botjha meedi ya naha ya Afrika Borwa bakeng sa batho ba tlang ho eta dipapading tsena tsa Mohope wa Lefatshe wa bolo ya maoto wa mokgatlo wa Fifa. Ebile lefapha le nkile karolo e hodimo haholo dihlophisong tsa dipapadi tsa lefatshe tsa bolo.
Tsena ke tse ding tsa dintho tse fihlelletsweng ke lefapha ka ho aha hape tse latelang. Lefapha le ahile metsana ya selehae, le ahile dikgutlwana tsa masedi a bohahlaudi, le ahile ditselana tsa metse selehae, dimuseamo, dikgutlwana tsa kopanelo, le ahile matlo a baeti a tlatselletso ho eketsa matlo a teng a kamohelo ya baeti.
Lefapha le sebeditse, Modulasetulo ya kgabane, nakong ena ya Ditekanyetso tse ileng tsa fokotswa ka lebaka la maemo a moruo ka hara naha. Lefapha le sebedisitse tjhelete e kana ka R426 ya dimiliyone ho ntlafatsa maemo a baahi ba Afrika Borwa, ho tloha selemong sa ditjhelete sa 2006-07 ho fihla ka 2010-11.
Lefapha le boetse la sebetsa ka ho thusa metse ya mahaeng, ka ho qolla, metse e profensing ya Kapa-Botjhabela, mme le entse diporojeke tse 27 tsa boleng ba R240 ya dimiliyone. Foreistata, lefapha le entse diporojeke tsa boleng ba R98 ya dimiliyone, Limpopo, diporojeke tsa boleng ba R38 ya dimiliyone, Mpumalanga, diporojeke tsa boleng ba R18 ya dimiliyone, Bokone- Bophirima, diporojeke tsa R7 ya dimiliyone. Le mona Kapa-Bophirima, lefapha le sebedisitse tjhelete e kana ka R40 ya dimiliyone ho etsa diporojeke tse pedi tsa ditsela. Modulasetulo ya kgabane, ka Ditekanyetso tsena tse kgaotsweng tsa lefapha, lefapha le sebeditse ruri. [Mahofi.]
Dintlha tsa bohlokwa tsa Lefapha la tsa Bohahlaudi ke ho hlwaya dintlha tse ka hodimo tsa phethahatso, tse jwalo ka tse latelang. Ho hlahisa mesebetsi ya moshwelella ka mokgwa wa porojeke e atolositsweng ya tshebetso, ho aha le ho eketsa tsebo le thuto ya basebetsi, ho hlokomela hore dintlafatso di ba teng metseng ya mahaeng.
Lenaneo lena ke le leng leo Mopresidente wa naha a le hlakisitseng ka bokgabane puong ya hae ha a ne a re: Lefapha lena la Bohahlaudi le tlameha ho betla mesebetsi ya moshwelella ka mokgwa wa porojeke e atolositweng ya tshebetso. Lefapha lena le tla eketsa le ho atisa moruo wa naha ka bohahlaudi. Ho ruta le ho eketsa tsebo ho borakgwebopotlana le borakgwebo ba banyenyane.
Letona le kgabane, tse ding tsa ditsebi di re Gauteng, KwaZulu-Natal le Cape Town ke tsona tse hohelang bahahlaudi ho feta diporofensi tse ding ka hara naha ya Afrika Borwa. Haeba sena ke nnete, Letona le kgabane, potso ke hore ekaba diprofensing tse ding, na ho ntse ho etsahala eng? Ke na le bonnete ba hore o tla hlakisa tsena ka ho teba le bobatsi ha o arabela dipotso tsena.
Lefapha le thusitse bommasepala ba ditoropo tse ngata ho hloma dibaka tse bulehileng tsa ho shebella dipapadi tsa lefatshe, moo ho nang le dibaka tsa setjhaba sebakeng sa ho boha dipapadi. Na ebe Letona le kgabane, dibakeng tsena tsa ho boha tsa setjhaba, lefapha le tla thusa jwang mahaeng a mapolasi le metseng ya mahae? Lefapha le tlo tswela pele ho eketsa diphetoho le ntlafatso metseng ya mapolasing, le ho theha mesebetsi ya moshwelella. Tsena di tla etsahala ho tloha mmusong o bohareng ho isa mmusong wa selehae.
Ha ke qetella, ke rata ho leboha Letona le kgabane, Motlatsa Letona, Lefapha la tsa Bohahlaudi, bohle ba nkileng karolo ho aha botjha Afrika Borwa ena.
Modula-setulo ke tla ba mokgutshwanyane haholo ho ka hlalosa tse ding tsa diphihlello kapa tse builweng ke dibui mona Ditekanyetsong tsena tsa kajeno. Ke maswabi ho bona hore ba bang ba buileng mona ke batho bao e leng hore ha re ba bone ka mahlo ba hlahella komiting ena. Empa ho hlakile hore bana ba buileng mona ho tswa ho Freedom Front, ID, le MF ke ba bang ba batho bao e leng hore ha ba tle dikopanong tsa Komiti ena.
Ke kahoo ba kgonang ho bua ka hore na ekaba Lefapha le tla etsa jwang mabapi le tse etswang ke Lefapha la Dipapadi le Kgatholoho. Ha se mosebetsi wa Lefapha lena ka botebo hore le etse mesebetsi e etswang ke lefapha leo.
Mosebetsi ona o hlakisitswe ka bobatsi ke dibui tse buileng pejana, le ka mane ka letsohong le letshehadi, ha di re, ke ho betla tsela hore ho be le moruo o phelang ka hare ho naha ya Afrika Borwa. Ke mosebetsi oo re tshwanetseng ho o etsa, o ntseng o etswa ke Lefapha lena, le tse ding tseo ba seng ba di hlalositse. Ke ba bang ba batho ba bontshang hore, ha re kopane dikopanong kapa Komiting ena ya tsa Bohahlaudi, re ntswe leng. Ke kahoo re ke keng ra fapana ka tsena tse boletsweng mona.
E mong wa dibui ka mona ka Ntlong, o hlalositse hore ekaka mokgatlo wa ANC ke ona o nkang karolo ho bea batho ba sa itekanelang mesebetsing e itseng. Ke na le bonnete ebile ke kgolwa hore mme ya neng a bua ka mona o ne a le teng ha Mopresidente wa naha a ne a hlalosa puong ya hae ha a ne are: "Ha ho bolelwe hore ha o se setho sa ANC ha o a tlameha ho fumana mosebetsi. Jwale ka moahi wa Afrika Borwa eo e leng hore Molaotheo wa naha ena le wena o a o sireletsa, o na le tokelo ya mosebetsi ka hara naha ya Afrika Borwa".
Ke kahoo ke reng kannete ha re bua mona re ke re hopole tseo batho ba bang ba di buileng pejana, haholo jwang ha di buuwa ke Mopresidente a hlalosa ka bobatsi mesebetsi ya rona kapa mosebetsi oo a o behetsweng ke baahi ba Afrika Borwa ba diketekete. Ke a leboha. [Mahofi.]
MODULASETULO WA NTLO (Mong M B Skosana): Ke a leboha Setho se kgabane. Mohlomphehi ntumelle ke hlalose hore, ke ho rarahana ha leleme ha ke qapodisitse lebitso la hao ka tsela eo e seng yona ha ke ne ke o hwelehetsa hore o phahame. Ha e be kgotso ntate! (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Mr L P KHOARAI: Chairperson, Minister of Tourism, Deputy Minister of the Department of Tourism and hon members of the House, the ANC and the people of South Africa pledged in the Freedom Charter that the economy of this country shall be shared amongst all the people who work hard for it. This is why I say the ANC supports the Budget Vote for this department.
I would like to take this opportunity to applaud the heroes who fell in the fight for freedom on 19 April 1990, in Rammulutsi. Today marks the twentieth anniversary of their deaths. Those heroes are: Ndoda Radebe, Senki Nzeku, Jerry Joale, Mmoledi Tshotshotso and Pitso Moholo.
My speech will mainly reflect on the achievements of this department and the work done locally. The department has seen an increase in the budget allocation from R325 million in the previous financial year to R361 million in the current financial year. This is why the department managed to achieve the following: The department has managed to increase the economy of the country by five percent. It has further created about 500 000 new jobs, has played a major role in building new roads in South Africa, and has helped in building new stadiums and hotels.
The department has helped with the renovation of airports in South Africa and the improvement of the South African border posts for those who will be visiting the country for the 2010 Fifa World Cup and has further played an important role in the preparations for this event.
There are other achievements of the department in construction. They include, among others the following: The department helped in building local communities; it also built tourism information centres. It has also built roads locally, museums, networking forums and has also built additional hotels to add to the existing number.
The department has done a lot, Chairperson, even though its budget was reduced as a result of the current economic conditions in the country. From 2006-07 to 2010-11 it has spent R426 million to improve the lives of the people of South Africa.
The department has also assisted rural areas, particularly those in the Northern Cape, by establishing 27 projects to the value of R240 million. Projects to the value of R98 million were created in the Free State and R38 million was spent in Limpopo. In Mpumalanga, R18 million was spent on such projects, and R7 million was spent in North West. This department spent a further R40 million on two projects related to roads construction in the North West. Hon Chairperson, despite the reduced funding, the department has indeed done a lot. [Applause.]
The main focus of the Department of Tourism is to identify major challenges such as creating sustainable jobs through the extended projects, broadening and developing the knowledge and education of workers to ensure that rural areas are developed.
This programme was outlined clearly by the President of the country in his speech when he said that the Department of Tourism must create sustainable jobs through the extended projects. This department will increase the economy of the country through tourism. It will also teach and broaden the knowledge of the emerging entrepreneurs, including those in small businesses. Hon Minister, some analysts say Gauteng, KwaZulu-Natal and Cape Town attract more tourists in the country than other provinces. If this is true, hon Minister, the question is what is happening in the other provinces? I believe that you will explain this in detail when you reply.
This department assisted various municipalities to establish fan parks and public viewing areas to enable fans to watch the Soccer World Cup. Hon Minister, how is the department going to assist regarding fan festivals and public viewing areas on farms and in rural areas? The department will continue to improve rural areas, bring changes and further create sustainable jobs. These will happen from national to local government.
In conclusion, I would like to thank the hon Minister, the Deputy Minister, the Department of Tourism and everyone who contributed in rebuilding a new South Africa.
Chairperson, I will explain briefly some of the achievements or reiterate what has been said by the previous speakers in this Budget Vote today. It is regrettable that some of the previous speakers do not even attend meetings of this committee. It is obvious that those from the Freedom Front, ID and MF are among those who do not attend meetings of the committee.
This is why they are able to ask questions about what this department will do in relation to what the Department of Sport and Recreation is doing. It is not the responsibility of this department to assume the responsibilities of the Department of Sport and Recreation.
What this department has done was outlined by previous speakers, including those on the left, when they said that it is important to pave the way for the establishment of a healthy economy in South Africa. What the Department is doing is exactly the work we need to do and many other things that were previously mentioned. These are some of the people who show that when we are in meetings of the Portfolio Committee on Tourism, we all speak with one voice. This is the reason we won't differ with what has been said.
One of the speakers in this House mentioned that it seems as if it is only the ANC that is taking sole responsibility for putting people with disabilities in certain positions. I strongly believe that the hon member who has just spoken was present when the President of the country said, during his speech, that it does not mean that if one is not a member of the ANC one will not be employed because, as a South African citizen, one is protected by the Constitution. Everybody has a right to be employed in South Africa.
We need to take into consideration what the previous speakers have said when we deliver our speeches, especially when something was mentioned by the President explaining our work or the task that was given to him by thousands of South African citizens. Thank you. [Applause.]