Bomme le bontate kajeno ke batla ho bua Sesotho. Kgotsong! Le tsohile? Le nna ke tsohile hantle. Ha ke tsebe ho bua Sesotho hantle empa ke a leka. Ho bohlokwa hore bohle re leke ho bua dipuo tsa Maafrika. Puo ya ka, Afrikaans, le yona ke puo ya Afrika. E ile ya tswalwa hona mona naheng ya rona e ntle.
Bomme le bontate kajeno ke letsatsi la bohlokwa. Ke letsatsi la hore re a leboha ho bohle ba ileng ba etsa hore Palamente ya rona e atlehe. Re leboha haholo ho lona bohle. Hape kajeno ke letsatsi la hore tsamayang hantle. Le kganne ka hloko ha le ya hae hle, le itlhokomele, le phomole hantle. Kaofela ha rona re kgutle re na le matla a ho ema mmoho re rarolle mathata a naha ya rona. Jwale, rona re le IFP re le lakaletsa Keresemese e nang le thabo le selemo se setjha se nang le katleho. [Mahofi.] Eka Modimo a ka ba le lona, tsamayang hantle ho fihlela re bonana ka 2010. Ke a leboha, kgotsong! [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr J H VAN DER MERWE: Ladies and gentlemen, today I would like to speak in Sesotho. Hello! How are you? I am also well. I can't speak Sesotho properly but I will try. It is important that we all try to speak African languages. My language, Afrikaans, is also an African language. It was born in this very country of ours.
Ladies and gentlemen, today is a very important day. It is a day that we thank all those who made our Parliament a success. We thank you all very much. Today is also a day to bid each other farewell. Drive safely on your way home, look after yourselves and get a good rest.
All of us should come back strong enough to be able to tackle our country's problems. Therefore we, as the IFP, wish you a merry Christmas and a Happy New Year that is full of success. [Applause.] We hope that the Lord will be with you. Go well until we meet again in 2010. Thank you. [Applause.]]