Ke a leboha Modulasetulo, Letona, baemedi ba diprofensi le maloko a Lekgotla la Ntlo ya Diprofensi. Boetapele ba setso haesale e le karolo ya bophelo ba MaAfrika ho tloha sethathong. Setso sa rona le moetlo wa rona ke motheo wa bophelo ba rona mme MaAfrika a phemme ho timela ka baka la matla a setso sa rona. Re sireleditse setso sa rona kgahlanong le tshusumetso le tshwaetso eo maikemisetso a yona e neng e le ho ferekanya le ho etsa MaAfrika makgoba a matswantle ho ya ka ho sa feleng.
Kgaolo ya 12 ya Molaotheo, karolo ya 211 le 212, di nehelana ka tlhokomediso ya ho thehwa ha boetapele ba setso, maemo le boikarabelo ho ya ka molao wa setso, le ho ikamahanya le tsamaiso e amohelehileng. Ke karolo ya nalane ya naha ena hore mengwahakgolo ya ho feta ya kgatello le kgethollo ke mebuso ya bohanyapetsi, e telletse le ho nyenyefatsa boetapele boo ba setso. Maemong ao a kgatello e neng e tsheheditswe ke melao ya kgatello, haholoholo Black Administration Act 38 of 1927, ho ne ho se na mokgwa oo boetapele ba setso bo neng bo ke ke ba ba mahlatsipa. Mmuso wa kgatello ka ho leka ho imatlafatsa o ile wa thea mebuso ya oona e neng e tshehetsana le maano a teng a kgethollo.
Re thoholetsa mmuso wa ANC ka maikemisetso a ho kgutlisetsa seriti sa setso sa rona mme re ipiletsa ho batho ba fuweng boikarabelo ba ho sebetsana le taba tsa boetapele ba setso hore ba sebetsane le tsona ka boqhetseke le nnete hore maemo a kgutlele madulong, ba sebedisane mmoho le mmuso. Re thoholetsa le maikemisetso a mmuso hore a fane ka ditekanyetso le merokotso hore diphetoho tseo ba tobaneng le tsona ba tle ba di hlole.
Re etsa le boipiletso ba hore tshehetso e fuwang boetapele ba setso le marena e se ke ya seha mpa ka lehare, ba tshehetswe ka ho lekana hore ba tle ba buse ka toka. Tshehetso eo ba e fuwang re lebeletse hore e ba behe maemong ao ba tlang ho ikemela, ba etse kuno le phaello ya tjhelete e tlang ho etsa hore ba nke karolo moruong wa naha ena ka tsela e nang le boikarabelo. Boholo ba batho ba naheng ena ba dula dibakeng tseo ba welang tlasa puso ya marena kapa boetapele ba setso.
Khomishene e entse mosebetsi o motle, o babatsehang ka ho fana ka tlaleho e rarollotseng a mang a mathata a neng a tobane le puso ya setso. Re tshepa hore diphephetso tse setseng di tla rarollwa ntle le mathata ka tshebedisanommoho. Polelo e reng 'morena ke morena ka setjhaba', e ntse e nepahetse le kajeno hobane diphephetso tse tobaneng le mmuso wa ANC, e ntse e le tse tobaneng le boetapele ba setso.
Mobu o taolong ya bona o lokollelwe batho hore ba fumantshwe bodulo ka ho ahelwa matlo, ho lengwe ho be le kotulo e ntle mme mmoho ho matlafatswe ntwa kgahlanong le bofuma, ho be le dintshetsopele tse tlang ho tswela batho molemo, jwaloka ho ahwa ha dikolo, ditliliniki, dipetlele, mabala a boithapollo, dilaeborari le dikantoro moo batho ba tlang ho fumantshwa ditshebeletso tsohle tseo mmuso o fanang ka tsona.
Boetapele ba setso bo sebetse mmoho le makgotla a motse ho netefatsa hore mebila e a lokiswa mme batho ba fumantshwa metsi le motlakase. Karolo ya bona e tlamehile ho hlakiswa ka ho otloloha mabapi le ntwa kgahlanong le botlokotsebe, ho kgothaletsa boitshwaro bo botle batjheng, ho nena thobalano lemong tse tlase le ho ba kgahlanong le ho shobediswa ha bona ke batho ba baholo ba ba etse basadi, ho lwantshana le tshwaetso ya HIV/AIDS le ho fedisa tlhekefetso ya bomme le bana, maqheku le batho ba sa itekanelang.
Boetapele ba setso bo tlamehile ho ikamahanya le dinako le diphethoho mme bo ananele karolo ya bomme ba tshwarang thipa ka bohaleng. Katleho ya bona e tlo itshetleha haholo monyetleng oo ba tlang ho o neha bomme hore ba itshupe bokgoning ba bona mme re tshepa hore molao ona o tla matlafatsa ho nka karolo ha bona.
Marena a rona a utlwisise hore ke marena ka setjhaba le hore mowakgotla ha a tsekiswe ebile morena ke kgetsi ya masepa. Re kopa hore ba buse ka toka. Re lebohisa le ho tlotla tlotla e entsweng ke African Royal Institute ho ntate Mandela le mekutu e etswang ke Congress of Traditional Leadership of South Africa ho kopanya marena le baetapele ba setso. Re tshehetsa sekamolao sena. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Thank you, Chairperson, Minister, representatives of provinces and members of the National Council of Provinces. Traditional leadership has been part of the lives of Africans from the beginning. Our tradition and culture is the foundation of our lives and Africans managed to survive because of the power of our tradition. We have protected our culture from the pressure and negative influences that were aimed at bringing confusion and making Africans permanent slaves of foreigners.
Sections 211 and 212 in Chapter 12 of the Constitution recognise the formation of traditional leadership and its status, role and responsibility according to customary law to govern in a fair and acceptable manner. It is part of the history of this country that many years of oppression and discrimination by the apartheid government despised and demeaned traditional leadership. There was no way that the traditional leadership could have avoided victimisation under oppression, which was supported by apartheid laws, especially the Black Administration Act, Act 38 of 1927. The apartheid government was always trying to empower itself by forming new laws that supported its policies of oppression.
We applaud the ANC government for its intention to restore the dignity of our culture, and we appeal to those who are given the responsibility to deal with this matter to do so in an appropriate and honest manner, and to work together with government, so that things can go back to normal. We also applaud the government's intentions to make budget allocations and funds available in order to address the challenges that lie ahead.
We are also making an appeal that the distribution of funds to traditional leaders and chiefs should be fair and equal, so that they will be able to govern fairly. We expect the funds that they receive to enable them to be independent, earn interest and make profit so that they can contribute responsibly to the economy of this country. Many people in this country live in areas that are governed by kings and traditional leaders.
The commission has done a great and commendable job by producing a report that solved some of the problems that faced traditional leadership. We trust that the outstanding challenges will be resolved without any problems so that co-operation may prevail. The words, "without followers, there is no leader" are still as relevant today as they were then, because the challenges facing the ANC government are the same challenges facing traditional leadership. The land under their control should be given to the people so that houses can be built for them, and also so that they can plant and have a good harvest, and together they can strengthen the fight against poverty. There should be development that will benefit the people, such as the building of schools, clinics, hospitals, recreational facilities, libraries and offices where people can receive all the services offered by the government.
Traditional leaders must work together with local councils to ensure that roads are repaired and water and electricity are made available to the people. Chapter must be explained thoroughly regarding the fight against crime, to encourage the youth to behave properly, to abstain from sexual activities at a young age and to be against forced marriages to older men, to fight the HIV/Aids infection and to stop the abuse of women and children, elderly people and people with disabilities.
The traditional leadership must be transformed and must accept the idea of independent women. Their success will depend on the opportunity they give to women to show their capabilities, and we trust that this law will strengthen their participation.
Our chiefs must understand that they are who they are because of the people and we all make mistakes and that the chief is the one who takes all the responsibility. We thank and applaud the African Royal Institute for what they have done for the honourable Mandela and the Congress of Traditional Leadership of South Africa for their efforts in bringing together kings and traditional leaders. We support this legislation. I thank you. [Applause.]]