Thank you, Speaker.
Motlatsa Mopresidente, ke a leboha, empa mongaka ke batla hore re hlahise hanyenyane jwaloka ha o bolela hore ho saeneng hona ha di-guarantee tsena ho etsetsa hore le bana ba thuthuhang, le bona ho be le seo ba ka se fumanang. Empa tjhee ha ho ne ho ahuwa ditediamo, ho lokiswa le ditsela, ho ahuwa le maemafofane, ho na le mohoo, Motlatsa Mopresidente, o reng tjhee rona ba re fetile.
Jwale re ne re se ntse re kopa hore na Motlatsa Mopresidente o ikemiseditse hore jwaleka ha re ya re shebile Mohopeng wa Lefatshe wa 2010, ke ka tsela efe eo re ka etsang kateng hore re hle nne re tiise, re tlame masoba ana ka baka la hobane boMamkhize le boMamofokeng le boMamokoena, ha ba fumane letho mona. Ho fetwa ekare ba robetse. O fumane bana ba seng ba ntse ba hodile, haholoholo leano la tshekamelo ho batho ba rona ba batsho, Motlatsa Mopresidente, ke bona ekare e se e le ntho e lebetsweng. Mopresidente o tla etsa jwang hore kannete re latela mekga ena e metle hakanakana e beuweng ke mmuso? Ke a leboha. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)
[Thank you, hon Deputy President. I would like to indicate briefly, as you said, that the signing of these guarantees ensures that even small businesses gain some benefit. But during the building of stadiums, and construction of roads and airports, there was a lot of noise, Deputy President, that some people were being left behind.
We are now asking the Deputy President, as we are approaching the 2010 World Cup, what could be done to ensure that we close the loopholes, because the likes of Ms Mkhize, Ms Mofokeng and Ms Mokoena do not get anything here? They are overlooked as if they are asleep. Hon Deputy President, you find that big businesses, especially our black people, have forgotten about affirmative action. How will the President ensure that we follow the noble guidelines set by government? Thank you.]