Motsamaisi wa dipuisano, lebitsong la Palamente ya batho, ANC e tshehetsa Seabo sena sa ditjhelete ka botlalo ka ntle ho qeaqeyo. Lebitso la lefapha lena le letjha ke kgoeletso ho tswa mohoong wa rona ha re ne re ya dikgethong, wa hore tshebedisanommoho ke yona e tla tswala katamelo bophelong bo botle.
Jwale, re thabetse ha bana ba bohanyetsi ba hlalefela tshebedisanommoho ebile ba re ba tla re tshehetsa. E mong wa bona ebile mosebetsi ona oo a ntseng a o bala are o a etsahala ka tlasa makgotla a metse, ke mosebetsi wa matsoho a hae. Ha a ne a tshwanetse ho o lokisa o balehile. O ile mane moo a seng a le teng honajwale. [Ditsheho.]
Motsamaisi wa dipuisano, seabo sena sa ditjhelete se bohlokwa haholo hobane kgodumodumo e thefutse maemo a moruo a ditjhelete tseo re ka beng re se re e na le tsona, jwale di se di tla haella. Empa hobane kgomo ha enye bolokwe kaofela, ke tla kgefutsa mona ka hore re e tshehetsa ka botlalo. [Mahofi.] (Translation of Sesotho declaration of vote follows.)
[Mr C D KEKANA: Speaker, the ANC, on behalf of the Parliament of the people, fully supports the budget without any hesitation. The name of the new department is the result of what we were calling for when we were heading towards the elections, and reflects that if we work together we can create a better life for all.
Now we are happy that the opposition parties are being co-operative, saying that they will support us. One of their members, who mentioned the poor work of the local councils, is actually the person who was responsible for it. He ran away when he was supposed to make things right, and went to where he is now. [Laughter.]
Speaker, this budget is very important because the economy has been badly affected by the recession and as a result we are going to have a deficit. I would like to conclude by saying that we fully support it. [Applause.]]
Vote agreed to.
Vote No 30 - Public Enterprises - put.
Declarations of vote: