Maburu a bona hore ho bohlokwa hore ba ba ntshe dipolasing mme ba ba sebedise jwaloka makgoba moo e leng hore nako le nako ba tla ba lata lekeisheneng, mekhukhung ho ya ba sebedisa dipolasing mme ba ba ntshe hape mantsibo ya, ba ba kgutlisetse lekeisheneng. Jwale mathata ana, Letona, ke mathata ao e leng hore bongata ba basebetsi bana ba dipolasi, ha ho motho ya ba emelang. Mokgatlo o lekang ho thusana le bona ke ona wa Cosatu. (Translation of Sesotho paragraphs follows.)