Mmuso o beha taba ya kgaello ya dijo tsa setjhaba sehlohlolong sehleng sena sa Palamente. Dipalopalo di bontsha hore ho na le kgaello tlhahisong ya dijo ka hara naha. Sena se na le ditlamorao tse mpe maphelong a setjhaba, haholoholo hobane batho ba bangata ba phela tlasa maemo a tlala. Ebile, hona ho etsa hore ba seke ba fumana dijo tse ahang mmele. Ditlamorao tsa sena di busula haholo, hoo batho ba bangata ba rona ba tshwarwang ke mafu hobane ba fumana dijo tse sa aheng mmele.