Phepetso ya lefapha ke ho nnetefatsa hore mosebetsi wa lona o lebisa boiphumanong botjha ba boitshepo ba kgwebo. Sena se tla fihlellwa haeba mmuso o aha bokgoni hobane ka lehlohonolo, ha re bua re le dibui kajeno, ha re mmuso. Re lekgotla la Palamente, le tshwanetseng ho etsa bonnete hore mmuso o fihlela maano ao o ithehetseng oona. Ke hopola hore ba bangata re ka be re emela nako ya 2019 re bone hore seo le ileng la itshepisa sona ka 2014, ebe se tla phethahala kappa tjhee, kappa e tla dula e le toro.