Modulasetulo wa komiti e kgethilweng ya ntshetsopele ya molaotheo le tshireletso, ke a leboha. Motlatsi wa Modulasetulo, Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho o ile wa hlakolwa ka selemo sa 2005, mme tse ding tsa dikarolwana tsa teng di ile tsa tlohelwa hore makgotla a dinyewe a setso a nne a tswele pele.
Ntho e etsahalang hajwale ke hore Bili ya Makgotla a Setso e tla hlakola Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, mme ho kopuwang feela hajwale ke kekeletso ya nako hore ho tle ho sebetsanwe le dintlha tse salletseng morao biling ena. Komiti e ile ya dula ho sekaseka tlaleho ena jwaleka ha e tlisitswe ho yona mme e dumellana le kekeletso eno ya nako. Ke a leboha. [Mahofi.] (Translation of Sesotho speech follows.)
[Mr T M H MOFOKENG: Chairperson of the Select Committee on Security and Constitutional Development, thank you. Deputy Chairperson, the Black Administration Act was abolished in 2005, and some parts of the Act were amended so that traditional courts would continue.
What is happening at the present moment is that the Traditional Courts Bill will replace the Black Administration Act, and what is required at this moment is the extension of the deadline so that the outstanding matters pertaining to the Bill can be dealt with thoroughly. The committee sat down to discuss this requirement as it was submitted to it, and therefore the time was extended. Thank you. [Applause.]]
Debate concluded.